Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 22:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Yaba lengeloi la Jehova le howeletsa Abrahama la bobedi le le lehodimong,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 Lengeloi la Morena la howeletsa Aborahama kgetlo la bobedi, le ntse le le lehodimong,

Ver Capítulo Copiar




Genese 22:15
15 Referencias Cruzadas  

Lengeloi la Jehova la ba la re ho yena: Ke tla ngatafatsa ditloholo tsa hao haholo, bongata ba tsona bo be bo sitehe ho balwa.


Lengeloi la Jehova la le fumana pela sediba sa metsi feelleng, sedibeng se tseleng ya Shure.


A re: Ke tla kgutlela ho wena kannete, ha selemo se boya, mme bona, Sara, mosadi wa hao, o tla ba le mora. Athe Sara o ne a ntse a mametse monyako wa tente, kamora hae.


Abrahama a rea nqalo eo lebitso la Jehova-Jire (Jehova o tla iponela); ke moo ho thweng kajeno: O tla iponela thabeng ya Jehova.


la re: Ho thwe ke Jehova: Ke hlapantse ka nna hore, ka baka la hobane o entse taba eo, o sa ka wa nkganela le mora wa hao, ya mong ho wena,


Lengeloi la Modimo la re ho nna torong: Jakobo! Ka re: Ke nna enwa.


e leng lengeloi le nnamoletseng bobeng bohle, o hlohonolofatse bahlankana bana; ba rewe lebitso la ka, le mabitso a bontate Abrahama le Isaaka, mme ba anafale haholoholo lefatsheng.


Yaba lengeloi la Jehova le itlhahisa ho yena, kgabong ya mollo, kahare ho sehlahla, mme ha a tadima, a bona sehlahla se tuka ke mollo, empa se sa tjhe.


Ke anne ka nna, taba e lokileng e tswile molomong wa ka, e ke ke ya kgutla, e re: Mangole wohle a tla nkgumamela, maleme wohle a ane ke nna.


ke hopole le selekane sa ka le Isaaka, le selekane sa ka le Abrahama, ke hopole le naha ya bona.


Ka tsatsi leo, Jehova o tla sireletsa baahi ba Jerusalema, mme e leng ya kgoptjwang hara bona, tsatsing leo, o tla ba jwaloka Davida, ntlo ya Davida e be jwaloka Modimo, jwaloka lengeloi la Jehova kapele ho bona.


Yaba lengeloi la Jehova le omela Joshua, la re:


Eitse hobane ho fete dilemo tse mashome a mane, lengeloi la Morena la hlaha ho yena lefeelleng la thaba ya Sinai, kgabong ya mollo e sehlahleng.


Hobane Modimo, mohla o neng o etsetsa Abrahama pallo, kahobane ho ne ho se e mong ya o fetisang, eo o neng o ka hlapanya ka yena, o hlapantse ka wona, o itse:


Mme lengeloi leo ke neng ke le bone le eme hodima lefatshe le hodima lewatle, la emisetsa letsoho la lona le letona nqa lehodimong;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos