Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 20:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Abrahama o ne a boletse bakeng sa Sara, mosadi wa hae, a re: Ke kgaitsedi ya ka. Yaba Abimeleke, morena wa Gerare, o a romela, mme a nka Sara.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Kaha Aborahama a ne a ye a re mosadi wa hae, Sara, ke kgaitsedi ya hae, kahoo Abimeleke, kgosi ya Gerare, a romela maqosa ho nka Sara.

Ver Capítulo Copiar




Genese 20:2
17 Referencias Cruzadas  

Ditona tsa Faro le tsona tsa mmona, mme tsa mo rorisa pela Faro; mme mosadi a nkwa, a iswa ka tlung ya Faro.


Kwana kannete ke kgaitsedi ya ka, etswe e le moradi wa ntate, leha empa e se moradi wa mme, mme ebile ke mosadi wa ka.


Mehleng eo, Abimeleke le Pikole, molaodi wa makgotla a hae, ba bua le Abrahama, ba re: Modimo o na le wena nthong tsohle tseo o di etsang.


Jwale tlala ya boela ya eba teng lefatsheng leo, kantle ho tlala ya pele e bileng teng mehleng ya Abrahama; Isaaka a fallela Gerare, ha Abimeleke, morena wa Bafilesta.


Yaba Abimeleke o re ho Isaaka: Tloha ho rona, hobane o matlafetse ho fetisa rona haholo.


Ha batho ba motse ba mmotsa hodima mosadi wa hae, a re: Ke kgaitsedi ya ka, hobane o ne a tshaba ho re: Ke mosadi wa ka, e tle e se ke ya re mohlomong batho ba motse ba mmolaya ka baka la Rebeka, hobane a ne a le motle ho tadingweng.


Jehu, mora Hanani, seboni, a ya mo kgahlanyetsa, a re ho morena Josafate: Na ke tshwanelo hore o thuse e mobe, mme o rate ba hloileng Jehova na? Jehova o o halefetse ka baka la tseo.


Empa Eliesere, mora Dodava, wa Maresha, a porofetela Josafate, a re: Erekaha o ikopantse le Akasia, Jehova o se a sentse mosebetsi wa hao. Yaba dikepe di a robeha, tsa sitwa ho ya Tarshishe.


Empa mohla ho fihlang manqosa a romilweng ke marena a Babilona ho tla mmotsa mohlolo o etsahetseng lefatsheng la Iseraele, Modimo wa mo furalla, hore o mo leke, hore o tsebe tsohle tse ka pelong ya hae.


Hobane ya lokileng, leha a ka wa hasupa, o tla boela a tsohe; empa baetsadibe ha ba kgoptjwa, ba wela kotsing.


Ho tshaba batho ho isa sefing; empa ya tshepang Jehova o beilwe phahameng.


Ho dutse jwalo le ya yang ho mosadi wa wa habo; ya mo amang, leha e le mang le mang, a ke ke a hloka molato.


Kannete, ha ho motho ya lokileng lefatsheng ya ntseng a etsa hantle, a sa tshohe a etsa sebe.


Ka baka leo, le ke le tele leshano, mme e mong le e mong a bolele nnete ho wa habo; hobane re ditho ba bang tsa ba bang.


Le se ke la thetsana ka mashano; le hlobole motho wa kgale le diketso tsa hae;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos