Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 20:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Abrahama a tloha moo a leng teng, a leba naheng ya Borwa, a aha pakeng tsa Kadeshe le Shure, a hlola Gerare.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Ho tloha moo Aborahama a fallela naheng e ka nqa borwa, a aha dipakeng tsa Kadeshe le Shure, a jaka Gerare.

Ver Capítulo Copiar




Genese 20:1
23 Referencias Cruzadas  

Moedi wa Bakanana o ne o qala Sidone, ho leba Gerare ho isa Gasa, mme o leba Sodoma, le Gomorra, le Adama, le Tseboime ho fihlela Lesha.


Abrame a tloha, a tsamaya a ntse a lebile borwa.


Abrame a tloha Egepeta, yena, le mosadi wa hae, le dintho tsohle tsa hae, a na le Lota, ba lebile nnqa borwa ho Kanana.


Ba ba ba kgutla, ba tla Ene-Mishpathe, ke ho re, Kadeshe, ba qhala Baamaleke le Baamore ba ahileng Hatsatsone-Thamare, naheng yohle ya bona.


Sarai, mohatsa Abrame, o ne a sa mo tswalle bana, empa o ne a na le lekgabunyane le tswang Egepeta, le bitswang Agare.


Ke ka baka lena sediba seo se reilweng Lakai-roi (Sediba sa Mophedi ya mponang); bonang, se pakeng tsa Kadeshe le Barede.


Lengeloi la Jehova la le fumana pela sediba sa metsi feelleng, sedibeng se tseleng ya Shure.


Jehova a iponahatsa ho Abrahama dieikeng tsa Mamre, a dutse monyako wa tente, motshehare, ha ho futhumetse.


Abrahama a hlola matsatsi a mangata naheng ya Bafilesta.


Isaaka o ba a kgutla a etswa sedibeng sa Lakai-roi, hobane o ne a ahile naheng ya Borwa.


Ba lesika la hae ba ahela ho nka Havila ho isa Shure e pela Egepeta ka nqa Asiria; Ishmaele a aha jwalo pontsheng ya banababo kaofela.


Jwale tlala ya boela ya eba teng lefatsheng leo, kantle ho tlala ya pele e bileng teng mehleng ya Abrahama; Isaaka a fallela Gerare, ha Abimeleke, morena wa Bafilesta.


Empa badisa ba Gerare ba tsekisana le badisa ba Isaaka, ba re: Metsi ana ke a rona. Yaba o rea sediba seo lebitso le Eseke (tseko), kahobane ba tsekisane le yena.


Yaba Abimeleke o theoha Gerare, a tla ho yena, a na le Akusathe, motswalle wa hae, le Pikole, molaodi wa makgotla a hae.


Yaba Isaaka o dula Gerare.


lentswe la Jehova le sisinya lefeella, le thothometsa nahathothe ya Kadeshe.


Yaba Moshe o tlosa Baiseraele Lewatleng le Lefubedu, ba tsamaela lefeelleng la Shure, ba tsamaya ka matsatsi a mararo feelleng, ba sa bone metsi.


Ba fihla, ba ya ho Moshe le Aarone, le ho phutheho yohle ya bana ba Iseraele lefeelleng la Parane, ka nqa Kadeshe, mme ba ba behela bona le phutheho yohle ditaba, ba ba bontsha ditholwana tsa naha.


Ra howeletsa ho Jehova, a utlwa lentswe la rona. A roma lengeloi, mme a re ntsha Egepeta. Bona, re se re le Kadeshe, motse o pheletsong ya naha ya hao.


Eitse ha re tloha Horebe, ra tsamaya le nahathothe yane kaofela e kgolo, e tshabehang, eo le e boneng, ra ya ka tsela ya thaba ya Baamore, jwalokaha Jehova, Modimo wa rona, a ne a re laetse, mme ra fihla Kadeshe-Barnea.


kahobane le ntshitetswe hara bana ba Iseraele, metsing a Meriba a Kadeshe, nahathotheng ya Tsine, kamoo le sa kang la ntlotlisa kateng, hara bana ba Iseraele.


Saule a bolaya Baamaleke, ho tloha Havila, ho ya fihla Shure, o mabapa le Egepeta.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos