Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 19:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 bona hle, mohlanka wa hao o fumane mohau mahlong a hao, mme lereko la hao le bile leholo leo o nthekolohetseng ka lona, wa boloka bophelo ba ka; empa nna ke sitwa ho balehela thabeng, kotsi e ka tshoha e nkwela hodimo, ka shwa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 Mohlanka wa hao o fumane mohau ho wena, mme o nkgauhetse haholo ka ho mpholosa. Empa ke sitwa ho balehela thabeng, esere koduwa ya mphumana, mme ka shwa.

Ver Capítulo Copiar




Genese 19:19
20 Referencias Cruzadas  

O hle o re, o kgaitsedi ya ka, ke tle ke etswe hantle ka baka la hao, mme moya wa ka o phele ka baka la hao.


Lota a re ho bona: O tjhe, monghadi! Ke o a rapela;


Bona hle, motse wane o haufi, nke ke balehele ho wona; na ha o monyenyane na? mme moya wa ka o tla phela.


Lota a tloha Tsoware, a ya aha thabeng, a ena le baradi ba hae ba babedi; hobane o ne a tshaba ho dula Tsoware. A aha lehaheng, yena le baradi ba hae ba babedi.


Josefa a fumana mohau mahlong a hae, a mo sebeletsa, monga hae a mmea hore e be molaodi wa ntlo ya hae, mme tsohle tseo a nang le tsona a di bea letsohong la hae.


Empa Nowe a fumana mohau pela Jehova.


Mme ho tla thwe: Ke kahobane ba furaletse Jehova, Modimo wa bona, ya ntshitseng bontata bona naheng ya Egepeta, ba kgomaretse medimo esele, ba e kgumametse, ba e sebeleditse: ke ka baka leo Jehova a ba hlahiseditseng kotsi eo yohle.


Yaba o araba, a re: Jo! moloko o sa dumeleng, ke tla ba le lona ho isa kae? ke tla le behela pelo ho isa kae? Mo tliseng ho nna.


Ba ahisaneng le yena le bahabo ba utlwa hoba Morena o tumisitse mohau wa hae ka yena, ba thaba le yena.


Ana re tla reng tabeng tseo na? Ha Modimo o eme le rona, ke mang ya ka hanang ho rona na?


Mohlang oo, kgalefo ya ka e tla ba tukela; ke tla ba tlohela, ke ba patele sefahleho sa ka; ba tla jewa ke mahloko a mangata, ba fihlelwe le ke mahlomola a mangata. Mohlang oo, ba tla re: Na hase kahobane Modimo wa rona o le siyo hara rona, re hlahetsweng ke mahloko ao na?


Jwale Davida a bua ka pelo ya hae, a re: Ka tsatsi le leng, ke tla timela ka letsoho la Saule; ho ka ba molemo ho nna ha nka phakisa ka tshabela naheng ya Bafilesta, Saule a tle a ntele, a se ke a nna a mpatla naheng ya Iseraele; ke hona nka phonyohang ho yena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos