Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 19:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 hobane rona re ya senya motse ona, hobane mohoo o ba qosang ho Jehova o hlile o moholo, mme Jehova o re romile ho o timeletsa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 hobane re lekgatheng la ho se timetsa! Sello se qosang motse ona se seholo kapele ho Morena, mme Morena o re rometse ho tla o timetsa!”

Ver Capítulo Copiar




Genese 19:13
21 Referencias Cruzadas  

Empa batho ba Sodoma e ne e le balotsana, e le baetsadibe pela Jehova ka ho fetisisa.


Yaba Jehova o re: Erekaha mohoo o tswang Sodoma le Gomora o le moholo, mme sebe sa bona se atile haholo,


Yaba banna bao ba re ho Lota: Ke bafe bao o sa nang le bona mona? Bakgwenyana, kapa bara, kapa baradi, leha e le mang le mang eo o nang le yena motseng, o ba ntshe motseng;


Ho madimabe molotsana, o dutse hampe; hobane o tla newa moputso wa mesebetsi ya matsoho a hae.


Kapa o re, ke tlile ho lwantsha naha ena ke se na Jehova na? Jehova ke yena ya itseng ho nna: Eya lwantsha naha eo, o e fedise.


Mme lengeloi la Jehova la tswa, la bolaya batho ba dikete tse lekgolo le nang le mashome a robileng meno e le mmedi a metso e mehlano diahelong tsa Baassiria. Yare ha ho tsohuwa hosasane, e be e se e le ditopo feela tse sa utlweng.


Jehova o sitilwe hore a nne a iphapanye le bolotsana ba diketso tsa lona le manyala ao le neng le a etsa; ke moo lefatshe la lona le entsweng tshenyeho, le sebabatso, le thohako, lefatshe le se nang moahi, kamoo ho ntseng ho le kateng tsatsing lena.


Ke tla senya nqalo tsa lona tse diphahameng; ke tla diha ditshiya tsa lona tsa letsatsi, ke felahanye ditopo tsa lona hodima medimo ya lona ya ditshwantsho, mme moya wa ka o tla be o tenwe ke lona.


Ikgetheng ho phutheho ena, hore ke tle ke timeletse hanghang.


Empa lengeloi la Morena la phakisa la mo otla, kahobane ha a ka a busetsa letlotlo ho Modimo: a jewa ke diboko, a ba a shwa.


Dithohako tseo kaofela di tla o hlahela, di o phallele, di o tshware, o be o timele; kahobane o tla be o hanne ho utlwa lentswe la Jehova, Modimo wa hao, le ho boloka ditaelo tsa hae le melao ya hae, eo a o laelang yona;


kajeno ke le biletsa lehodimo le lefatshe hore e be dipaki tsa hore le tla timela, le timele kapele lefatsheng leo le tla kena ho lona ka ho tshela Jordane, ho ya le rua. Le ke ke la atisa ditshiu tsa lona teng, empa le tla timeletswa ruri.


Bonang, moputso wa basebetsi ba kotutseng masimo a lona, oo le o jeleng o ntse o howeletsa; mme dillo tsa bakotudi bao di fihlile ditsebeng tsa Morena wa makgotla.


Ho bile jwalo le Sodoma le Gomora, le metse e ka mathoko a teng, e neng e ineetse bootswa bo le bong, ka ho kgelohela ho batla nama esele; metse eo yohle e beilwe hore e be temoso, ha e ntse e le kotlong ya mollo o sa feleng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos