Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 17:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Yaba Abrahama o nka Ishmaele, mora wa hae, le bohle ba tswaletsweng tlung ya hae, le bohle ba rekilweng ka tjhelete ya hae, ba batona bohle ba ntlo ya Abrahama, a ba bolotsa ka lona letsatsi leo, kamoo Modimo o mmoleletseng kateng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

23 Jwale Aborahama a nka mora wa hae Ishemaele, le bana bohle ba lelapa la hae, le bohle ba rekilweng ka tjhelete ya hae, bohle ba batona ba ntlo ya Aborahama, a ba bolotsa ka lona letsatsi leo ka ho ba poma leeko, jwalokaha Modimo a ne a mo laetse.

Ver Capítulo Copiar




Genese 17:23
16 Referencias Cruzadas  

Eitse ha Abrame a utlwa hoba ngwanabo o tshwerwe, a phalla le batho ba hae ba hlakisitseng ba makgolo a mararo a leshome le metso e robileng meno e mmedi, ba tswaletsweng ka tlung ya hae, mme a ba tebela, a ba a fihla Dane.


Modimo wa ba wa re ho Abrahama: Haele wena, o boloke selekane sa ka, wena le ditlholo tsa hao tse kamorao ho wena.


Ke tswe ke mo tseba hoba, o tla laela bana ba hae, le ntlo ya hae kamora hae, hore ba boloke tsela ya Jehova, ba etse ka ho loka le ka tshwanelo, Jehova a be a hlahisetse Abrahama seo a mmaletseng sona.


Yaba bohle ba tswang ka kgoro ya motse ba mamela Hamore le Sikeme, mora hae; ba batona kaofela ba bolla, e leng bohle ba neng ba tswa kgorong ya motse.


Ke a phakisa, ha ke diehe ho boloka ditaelo tsa hao.


O se ke wa ithorisa ka letsatsi la hosasane, hobane ha o tsebe se tla hlahiswa ke letsatsi leo.


Tsohle tse fihlelwang ke letsoho la hao hore di ka sebetswa, o di etse ka matla a hao; hobane nqalong ya bafu moo o yang, ha ho sa le mosebetsi, leha e le morero, kapa tsebo, kapa bohlale.


Pauluse a rata hoba a tsamaye le yena, a ba a mo nka, a mmolotsa ka baka la Bajuda ba neng ba le teng naheng tseo; hobane ba ne ba tseba kaofela hore ntatae ke Mogerike.


Hobane ho Jesu Kreste, ho bolla le boqai ha di thuse letho, empa ho thusa tumelo e sebetsang ka lerato.


Hobane ho Jesu Kreste ho bolla le boqai hase letho, empa eo e leng taba ke hore motho e be mmopuwa e motjha.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos