Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 17:23 - BIBELE

23 Jwale Aborahama a nka mora wa hae Ishemaele, le bana bohle ba lelapa la hae, le bohle ba rekilweng ka tjhelete ya hae, bohle ba batona ba ntlo ya Aborahama, a ba bolotsa ka lona letsatsi leo ka ho ba poma leeko, jwalokaha Modimo a ne a mo laetse.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Yaba Abrahama o nka Ishmaele, mora wa hae, le bohle ba tswaletsweng tlung ya hae, le bohle ba rekilweng ka tjhelete ya hae, ba batona bohle ba ntlo ya Abrahama, a ba bolotsa ka lona letsatsi leo, kamoo Modimo o mmoleletseng kateng.

Ver Capítulo Copiar




Genese 17:23
16 Referencias Cruzadas  

Ha Aborame a utlwa hore mora wa moena hae o hapilwe, a phalla le banna ba hae ba hlometseng ba makgolo a mararo le leshome le metso e robedi, ba tswaletsweng tlung ya hae, mme ba ba lelekisa ho ya fihla Dane.


Modimo a boela a re ho Aborahama: “Wena o tla boloka selekane sa ka; wena le ditloholo tsa hao ka meloko ya tsona.


Nke ke! Hobane ke mo kgethile hore a tle a laele bana ba hae le lelapa la hae ho tsamaya ka tsela ya Morena ka ho etsa tse lokileng, le ho sebetsa ka toka; e le hore Morena a tle a phethe tseo a di tshepisitseng Aborahama.”


Banna bohle ba motse ba mamela Hamore le mora wa hae Shekeme, mme banna bohle ba motse ba bolotswa.


Ke ile ka potlaka, ka se ke ka dieha ho boloka melao ya hao.


O se ke wa ithorisa ka la hosasane, hobane ha o tsebe hore le ka o tlela ka dife.


Tsohle tseo o ka di etsang, o di etse ka matla a hao kaofela, hobane lebitleng, moo o yang teng, ha ho sa na mosebetsi, kapa merero, kapa tsebo, kapa bohlale.


Paulosi a rata ho tsamaya le yena, yaba o mo nka a mmolotsa ka baka la Bajuda ba leng dibakeng tseo, hobane ba ne ba tseba bohle hore ntatae ke Mogerike.


hobane ha motho a le ho Kreste, lebollo kapa boqai hase letho, empa tabataba ke tumelo e sebetsang ka lerato.


Ho bolla kapa ho se bolle hase letho; tabataba ke ho ba mmopuwa e motjha.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos