Esthere 2:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)16 Esthere a iswa jwalo ho morena Assueruse, tlung ya hae ya borena, kgweding ya leshome, e leng kgwedi ya Tebethe, selemong sa bosupa sa ho busa ha hae. Ver CapítuloBIBELE16 Ka kgwedi ya leshome, e leng kgwedi ya Pherekgong, selemong sa bosupa sa puso ya kgosi Ahashuerushe, Esetere a iswa ho kgosi Ahashuerushe, ka tlung ya hae ya bokgosi. Ver Capítulo |
Yaba bangodi ba morena ba bitswa ka yona nako eo, le leng ka la mashome a mabedi a metso e meraro la kgwedi ya boraro, e leng kgwedi ya Sifane; ha ngolwa kahohle kamoo Mordekai a laelang kateng; ha ngollwa Bajuda le matona a marena, le babusisi le dihlooho tsa dinaha, ho tloha India ho isa Ethiopia, e leng dinaha tse lekgolo le nang le mashome a mabedi a metso e supileng, ha ngollwa naha e nngwe le e nngwe ka mongolo wa yona, le setjhaba se seng le se seng ka puo ya sona, le Bajuda ka mongolo le ka puo ya bona.