Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esdrase 6:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Leha e le tse ka hlokwang, kapa eleng dipohwana, kapa e leng dipheleu, le dikonyana tsa mahlabelo a ditjheso tse hlabelwang Modimo wa mahodimo, leha e le koro, kapa letswai, le veine, le ole, kamoo baprista ba Jerusalema ba ka di kopang kateng, ba ke ba di newe ka tsatsi le leng le le leng, ho sa fosehe teng,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Le se ke be la fosa: Ka letsatsi le leng le le leng le ba nee tseo ba di hlokang, e leng dipohwana, le dipheleu, le dikonyana tsa ho etsetsa Modimo wa mahodimo dinyehelo tsa setjheso; le ba nee le koro, le letswai, le veine, le ole ho ya kamoo baprista ba Jerusalema ba kopang kateng,

Ver Capítulo Copiar




Esdrase 6:9
13 Referencias Cruzadas  

Ba bang ba ne ba kgethetswe ho baballa mesebetsi le diphahlo tsohle tsa sehalalelo, le lefi la phofo, le veine, le ole, le dibano, le dinoko.


ba tle ba tsebe ho ntshetsa Modimo wa mahodimo mahlabelo a monko o monate; hape ba rapelle ho phela ha morena le ha bara ba hae.


Hape, ke laela e le nna bakeng sa kamoo le tshwanetseng ho etsetsa baholo bao ba Bajuda kateng, hore ntlo eo ya Modimo e fele e tle e hahuwe; ke re, tjhelete tsa morena tsa lekgetho le tswang mose wane ho noka di hle di newe banna bao, ba tle ba se ke ba thibelwa ke letho.


Marena e tla ba bafepi ba hao, mafumahadi a wona e be baanyesi ba hao; ba tla itihela fatshe ka difahleho pela hao, ba nyeke lerole le maotong a hao; mme o tla tseba hobane ke nna Jehova, le hobane ba ntshepang ba ke ke ba swaba.


Sehlabelo sa hae haele setjheso sa dikgutshwane, sa dinku, kapa sa dipodi, o tla ntsha e tona, e se nang sekodi.


Nka pohwana e be sehlabelo sa sebe, le pheleu ya setjheso, di hloka sekodi tse pedi, mme o di hlabe pela Jehova.


Hobane e mong le e mong o tla nokwa ka mollo, mme sehlabelo se seng le se seng se tla nokwa ka letswai.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos