Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esdrase 6:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Yaba morena Dariuse o laela hore ho batlwe tlung ya mangolo a borena, Babilona, moo ho bolokilweng matlotlo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Kgosi Dariuse a laela hore ho fuputswe ka tlung ya dibuka e Babilona, eo ho bolokwang matlotlo ka ho yona.

Ver Capítulo Copiar




Esdrase 6:1
16 Referencias Cruzadas  

ha ho ka batlwa bukeng ya ditaba tsa ho phela ha bontatao, o tla fumana bukeng ya ditaba tseo, o be o tsebe hore motse ono ke motse o ikgantshang, o senyetsang marena le dinaha; le hore boikgantsho bo nnile ba eba teng motseng ono haesale le mehleng ya boholo; motse ono o bile wa fediswa ka baka leo.


Ka ba ka laela, mme ha batlwa, ha ba ha fumanwa hobane motse ono o nnile wa ikgantshetsa marena, haesale le mehleng ya kgale, mme ha nna ha hlaha boikgantsho le moferefere ho wona;


Ha ho le jwalo, ha morena a dumela, ho ke ho batlwe bobolokelong ba matlotlo a morena bo Babilona, ha ekaba taelo e kile ya laelwa ke morena Siruse, ya ho haha ntlo eo ya Modimo e Jerusalema; mme morena a ke a re romele thato ya hae bakeng sa taba eo.


Ba etsa mokete wa mohobe a se nang ditomoso ka tshiu tse supileng ka thabo; ka hobane Jehova a ne a ba thabisitse le ho susumetsa pelo ya morena wa Assiria, hore a natlafatse matsoho a bona mosebetsing wa ntlo ya Modimo, Modimo wa Iseraele.


Ke laela hore bohle ba mmusong wa ka, bao e leng ba setjhaba sa Iseraele, le baprista ba bona le Balevi, ba ratang ho kgutlela Jerusalema ka thato ya bona le wena, Esdrase, ke re ba ka tsamaya.


ke ne ke le ntata mofutsana, ke ne ke botsisisa taba ya motho leha ke sa mo tsebe;


Ke moo ke itseng: Bona, ke a tla, kamoo ho ngodilweng taba tsa ka kateng, mmenong wa buka.


Kganya ya Modimo ke ho bea ditaba sephiring, empa ho di batlisisa ke kganya ya marena.


Mme bakeng sa Jojakime, morena wa Juda, o bolele, o re: Ho itswe ke Jehova: O tjhesitse maqephe ao a lengolo, wa re: O ngoletseng ho wona taba e reng: Kannete ho tla tla morena wa Babilona, a senye lefatshe lena, a le hlokise motho leha e le kgomo?


Yaba Jeremia o nka maqephe a mang, a a nea Baruke, mora Neria, mongodi, mme a ngola ho wona, ka molomo wa Jeremia, mantswe wohle a lengolo leo Jojakime, morena wa Juda, a neng a le tjhesitse mollong; ha ba ha eketswa mantswe a mangata a jwaloka a pele.


Eitse ha ke tadima, ka bona letsoho le nnanabelang, ka bona le tshwere buka e phuthilweng.


A re ho nna: Mora motho, ja seo o se fumaneng; ja buka eo e phuthilweng, o ntoo ya, o bue le ntlo ya Iseraele.


Tseba ke hona, o utlwisise hore, ho tloha taelong e bolelang hore Jerusalema o tla tsoswa, o hahuwe, ha e tswile, ho fihlisa ho motlotsuwa Morena, ho tla feta veke tse supileng; ka veke tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi, motse o tla tsoswa, o hahuwe le mapatlelo a wona, le marako a wona, empa e tla ba ka matsatsi a mahlomola.


Mme ka bona letsohong le letona la ya dutseng teroneng buka e ngodilweng kahare le kantle, e tiisitsweng ka ditiiso tse supileng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos