Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Esdrase 6:1 - BIBELE

1 Kgosi Dariuse a laela hore ho fuputswe ka tlung ya dibuka e Babilona, eo ho bolokwang matlotlo ka ho yona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Yaba morena Dariuse o laela hore ho batlwe tlung ya mangolo a borena, Babilona, moo ho bolokilweng matlotlo.

Ver Capítulo Copiar




Esdrase 6:1
16 Referencias Cruzadas  

e tle e fuputse dibukeng tsa diketsahalo tsa baholoholo ba yona. Etlare ha o ntse o fuputsa, o tla fumana hore motse ona ke wa mahlabaphiyo, o kotsi ho dikgosi le dinaha tsa tsona, le hore ka nako e fetileng motse ona o ile wa tsosa setsokotsane sa bohlabaphiyo, mme ke ka baka leo o ileng wa timetswa.


Ke laetse hore ho fuputswe, mme ho fumanwe hore ka nako e fetileng motse ona o ile wa ikgohomosetsa dikgosi, wa tsosa bohlabaphiyo le bofetohedi.


“ ‘Ka baka lena, haeba kgosi e ka kgahlwa, a ho ke ho fuputswe ka tlung ya kgosi, eo ho bolokwang matlotlo ka ho yona, hore na ho fela ho le jwalo, hore kgosi Siruse o kile a laela hore ho hahwe Tempele ya Modimo, Jerusalema. A re ke re tsebiswe seo kgosi e ratang hore se etswe tabeng ena.’ ”


Ba keteka mokete wa mahobe a sa lomoswang ka matsatsi a supileng, ba o keteka ka thabo. Morena o ne a ba thabisitse, a entse hore kgosi ya Asure e ba rate, e ba thuse ho haha Tempele ya Modimo, Modimo wa Iseraele.


“Mona ke etsa taelo ya hore ofe kapa ofe wa setjhaba sa Iseraele, mmoho le baprista ba sona, le Balevi, ya pusong ya ka, ya ithaopelang ho nyolohela Jerusalema, a tsamaye le wena.


Ke ne ke le ntata bafumanehi, ke le mmuelli wa bao ke sa ba tsebeng.


Ha o kgahlwe ke sehlabelo kapa nyehelo, o thibolotse tsebe tsa ka. Ha o batle setjheso kapa sehlabelo e leng tse etswang ka baka la dibe.


Tlotla ho Morena ke ho etsa ditaba sephiri, athe tlotla ya dikgosi ke ho phenyaphenya ditaba.


O be o bolelle Jehoyakime, kgosi ya Juda, o re: ‘Morena o bua tjena: O ile wa tjhesa buka ena, wa re: Ke ka baka lang ha o ngotse bukeng ee, wa re: Ruri kgosi ya Babilona e tla tla e timetsa naha ena, mme e fedise batho le diphoofolo?’


Yaba Jeremia o nka buka e nngwe hape, o e nea Baruke, mora wa Neriya, mme Baruke, kaha e ne e le mongodi, a ngola mantswe wohle a tswang molomong wa Jeremia, a neng a le bukeng eo Jehoyakime, kgosi ya Juda, a ileng a e tjhesa mollong. Ha eketswa le mantswe a mang a mangata, a tshwanang le a pele.


Yare ha ke tadima ka bona letsoho le otlolletswe ho nna. Le ne le tshwere buka


Modimo a re ho nna: “Wena ngwana motho, eja se kapele ho wena: Eja buka ena, mme o tsamaye, o yo bua le bana ba Iseraele.”


“Ka baka lena tseba, o utlwisise: Ho tloha mohla ho phatlalatswang taelo, taelo ya hore Jerusalema e tsoswe, ho fihlela ha mmusi a fihla, mmusi ya tlotsitsweng, lemo tse supileng hasupa di tla feta. Jerusalema e tla tsoswa, e hahwe, ho betlwe diterata le marako a tsoswe; e tsitse dilemo lemo tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi hasupa, empa mehla ena e tla be le ya ditsietsi!


Ka letsohong le letona la ya dutseng teroneng, ka bona buka e ngotsweng kamahohle, e bitietsweng ka dibitielo tse supileng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos