Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esdrase 3:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Eitse ha ba hahang ba thea metheo ya tempele ya Jehova, baprista ba emiswa ba apere tsa bona, ba tshwere diterompeta, ba ena le Balevi, bana ba Asafe, ba tshwere disimbala ho rorisa Jehova, ba ntse ba eya ka ditaelo tsa Davida, morena wa Iseraele.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Eitse ha dihahi di rala motheo wa Tempele ya Morena, baprista ba ema ba apere diaparo tsa bona, ba nkile diterompeta; Balevi, e leng bara ba Asafo, bona ba nkile matlheretlhere, hore ba rorise Morena, ho latela taelo ya Davida, kgosi ya Iseraele.

Ver Capítulo Copiar




Esdrase 3:10
26 Referencias Cruzadas  

Baprista Shebania, Josafate, Nethaneele, Amasai, Sakaria, Benaia le Eliesere, ba ne ba letsa diterompeta pela areka ya Modimo, mme Obed-Edomo le Jehia e ne e le balebedi ba menyako bakeng sa areka.


Haele Davida, o ne a apere kobo ya lene e ntle, le bona Balevi bohle ba jereng areka, le dibini, le Kenania, motsamaisi wa diletsa hara dibini; Davida o ne a apere efoda ya lene.


Davida a siya Asafe le banababo, hona teng, pela areka ya selekane sa Jehova, hore ba nne ba etse tsa tshebeletso pela areka kamehla, mosebetsi o mong le o mong ka tsatsi la wona;


Hemane le Jeduthune ba ne ba le ho bona, diterompeta le disimbala le diletsa tsa Modimo ba di tshwaretse ba di letsang; haele bara ba Jeduthune, ba ne ba eme monyako.


balebedi ba menyako ba ke ba etse dikete tse nne, mme ba kete tse nne e be ba tla rorisa Jehova ka diletsa tseo ke di entseng hore a roriswe ka tsona.


Ya leshome le metso e robileng meno e le mmedi ya ntsha Hanani; yena le bara ba hae le banababo ba ne ba le leshome le metso e mmedi.


Yaba ba lokisa tsa bona, ba lokisetsa le baprista; hobane baprista, bara ba Aarone, ba nnile ba tshwareha ho fihlela bosiu, ba ntse ba hlahisa ditjheso le mafura a tsona; ka baka leo, Balevi ba itokisetsa tsa bona ba lokisetsa le baprista, bara ba Aarone.


Le tsona dibini, bara ba Asafe, di ne di eme tulong tsa tsona, kamoo ho neng ho laetse Davida kateng, le Asafe, le Hemane, le Jeduthune, seboni sa morena; le bona balebedi ba menyako ba ne ba eme monyakong o mong le o mong; ha ho le a mong ya kileng a tloha tshebeletsong ya hae, hobane Balevi, banababo bona, ba ne ba ba lokiseditse.


le Balevi kaofela, e leng dibini, boAsafe, le Hemane, le Jeduthune, le bara ba bona le banababo bona, ha ba ntse ba eme ka nqa botjhabela ho aletare, ba apere lene e ntle, ba tshwere disimbala, le diviole, le diharepa, ba ena le baprista ba lekgolo le mashome a mabedi ba letsang diterompeta;


Haele dibini, ya eba bana ba Asafe ba lekgolo le mashome a mabedi a metso e robileng meno e le mmedi.


Sheshebatsare eo o ne a tle jwalo; ke yena ya theileng metheo ya ntlo ya Modimo e Jerusalema; ha e sa le mohlang oo e ntse e hahuwa jwalo; le jwale ha e eso ho fele.


O roriseng ka simbala e modumo o hlakang; o roriseng ka simbala e modumo o hlakang!


Mme jwale, batlisisang he pelong tsa lona tsa mohla ho esong ho bewe lejwe hodima lejwe tempeleng ya Jehova, ho tloha tsatsing lena ho kgutlela morao.


Hobane ke mang ya ka nyedisang letsatsi la taba tse nyenyane? A ile a thaba ha a bona loto ya ho lekanya e letsohong la Sorobabele, mahlo ao a supileng, e leng mahlo a Jehova, a ntseng a qamaka lefatshe lohle.


Yaba o mpolella, a re: Ke lentswe la Jehova ho Sorababele, le reng: Hase ka matla le ka borena, empa e le ka moya wa ka, ho bolela Jehova wa makgotla!


Wena thaba e kgolo, o eng pela Sorobabele? O lehwatata feela! Mme o tla hlahisa lejwe la hloro ya ntlo hara ditlatse tse reng: Le hauhelwe! le hauhelwe!


mme o re ho yena: Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Bona, ho tla hlaha monna; lebitso la hae ke Lehlomela; o tla mela bodulong ba hae, a hahe ntlo ya Jehova.


ho botsa baprista ba ntlo ya Jehova wa makgotla le baporofeta, ho re: A ke sa tla lla le ho itima dijo ka kgwedi ya bohlano, jwalokaha ke entse ka lemo tseo tse kalo na?


Ebile morena o re ho Doege: Ema wena, o bolaye baprista. Yaba Moedomo Doege o tsoha, a bolaya baprista, a timetsa ka lona tsatsi leo batho ba mashome a robileng meno e le mmedi a metso e mehlano, ba apereng efoda ya lene.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos