Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esdrase 2:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 ba ileng le Sorobabele: Ke Joshua, Nehemia, Seraia, Reelaia, Mordekai, Bilshane, Mispare, Bigvai, Rehume, le Baana. Palo ke ena ya banna ba setjhaba sa Iseraele:

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Ba ne ba tle le Serubabele, le Jeshua, le Nehemia, le Seraya, le Reelaya, le Moredekai, le Bileshane, le Misepara, le Bigifai, le Rehume, le Baana. Palo ya banna ba setjhaba sa Iseraele ke ena:

Ver Capítulo Copiar




Esdrase 2:2
24 Referencias Cruzadas  

Mesebetsi yohle ya kgauta le ya silefera ya etsa dikete tse hlano tse nang le makgolo a mane. Ntho tseo tsohle, Sheshebatsare a ya le tsona, mohla baholehuwa ba Babilona ba kgutlisetswang Jerusalema.


Siruse, morena wa Persia, a re, di ntshwe ke Mithredathe, mmoloki wa matlotlo; yaba eo o di nea Sheshebatsare, kgosana ya Juda.


Ke bana batho ba naha ba kgutlileng kgolehong, ba neng ba isitswe kgolehong Babilona ke Nebukadnesare, morena wa Babilona, ba boetseng ba kgutletse Jerusalema le Juda, e mong le e mong motseng wa habo,


Bana ba Pereoshe ba kete tse pedi tse nang le lekgolo le le leng le mashome a supileng a metso e mmedi;


Teng, Joshua, mora Jotsadake, le banababo e leng baprista, le Sorobabele, mora Salathiele, le banababo, ba ema, ba haha aletare ya Modimo wa Iseraele, ho hlabela mahlabelo a ditjheso ho yona, ka ho ya ka se ngodilweng molaong wa Moshe, monna wa Modimo.


Empa Sorobabele, le Joshua, le dihlooho tse ding tsa matlo a bontata Baiseraele, ba re ho bona: Ha le na ho hahela Modimo wa rona ntlo hammoho le rona; re tla mpe re hahele Jehova, Modimo wa Iseraele, re nnotshi, kamoo re laetsweng ke morena Siruse, morena wa Persia kateng.


Rehume, motsamaisi wa lekgotla, le Shimshai, mongodi, ba ngolla morena Artakserkese lengolo hodima Jerusalema, ba re:


Yaba Sorobabele, mora Salathiele, le Joshua, mora Jotsadake ba tsoha, ba boela ba qala ho haha ntlo ya Modimo e Jerusalema, ba ena le baporofeta ba Modimo ba ba tlatsang.


Ke tsena dihlooho tsa matlo a bontata bona, hape ke ana mangolo a masika a ba nyolohileng Babilona le nna, mehleng ya puso ya morena Artakserksese:


Satthu, Bani, Bunni, Asgade, Bebai,


Mehleng ya Sorobabele, le mehleng ya Nehemia, Baiseraele bohle ba ne ba ntsha dikabelo tsa dibini le tsa balebedi ba menyako, kamoo ho tshwanelang ho ntshwa kateng, ka tsatsi le leng le le leng; dintho tse halalelang di ne di newa Balevi, Balevi bona ba ne ba nea bana ba Aarone dintho tse halalelang.


ba tlileng le Sorobabele, le Joshua, le Nehemia, le Asaria, le Raamia, le Nahamani, le Mordekai, le Bilshane, le Misperethe, le Bigvai, le Nehume, le Baana. Palo ke ena ya banna ba setjhaba sa Iseraele:


Ka selemo sa bobedi sa ho busa ha morena Dariuse, ka kgwedi ya botshelela, ka tsatsi la pele la kgwedi, lentswe la Jehova la tla ka moporofeta Haggai ho Sorobabele, mmusisi wa Juda, mora Salathiele, le ho Joshua, moprista e moholo, mora Jotsadake, la re:


Yaba Sorobabele, mora Salathiele, le Joshua, moprista e moholo, mora Jotsadake, le masala wohle a setjhaba, ba utlwa lentswe la Jehova, Modimo wa bona, ka dipolelo tsa moporofeta Haggai, kamoo a neng a romilwe ke Jehova kateng, Modimo wa bona; mme setjhaba sa tshaba Jehova.


Yaba Jehova o tshosa moya wa Sorobabele, mmusisi wa Juda, mora Salathiele, le moya wa Joshua, moprista e moholo, mora Jotsadake, le moya wa masala wohle a setjhaba, mme ba ya, ba qala ho sebetsa ntlo ya Jehova wa makgotla, Modimo wa bona,


Bua hle le Sorobabele, mmusisi wa Juda, mora Salathiele, le Joshua, moprista e moholo, mora Jotsadake, le masala a setjhaba, o re:


Bolella Sorobabele, mmusisi wa Juda, o re: Ke ya thothometsa lehodimo le lefatshe, ke tla rapalatsa diterone tsa mebuso,


Jwale, kgothala, Sorobabele! ho bolela Jehova; Kgothala, le wena Joshua, moprista e moholo, mora Jotsadake! Kgothalang, le lona setjhaba sohle sa naha ena, ho bolela Jehova, le be le sebetse; hobane ke na le lona, ho bolela Jehova wa makgotla;


Yaba Jehova o mpontsha Joshua, moprista e moholo, a eme pela lengeloi la Jehova, mme Satane a eme ka letsohong la hae le letona, ho mo hanela.


Joshua o ne a apere diaparo tse ditshila, a eme pela lengeloi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos