Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esdrase 2:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ke bana batho ba naha ba kgutlileng kgolehong, ba neng ba isitswe kgolehong Babilona ke Nebukadnesare, morena wa Babilona, ba boetseng ba kgutletse Jerusalema le Juda, e mong le e mong motseng wa habo,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Bana ke baahi ba naha ya Juda, bao Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a neng a ile a ba thopa, a ba isa Babilona. Jwale ba boela ba kgutlela Jerusalema le naheng ya Juda; motho ka mong a kgutlela motseng wa habo.

Ver Capítulo Copiar




Esdrase 2:1
27 Referencias Cruzadas  

Haele ba setseng ba setjhaba ba neng ba tlohetswe motseng, le ba thobileng, ba ineetseng morena wa Babilona, le ba setseng ba bangata, Nebusaradane, molaodi wa bahlabani ba morena, a ba isa kgolehong.


Baiseraele kaofela ba balwa jwalo masikeng a bona; ba ngodilwe bukeng ya marena a Iseraele. Haele Juda, a iswa kgolehong Babilona ka baka la meikgantsho ya hae.


Haele ba kileng ba aha ha bona pele, metseng ya bona, e ne e le Baiseraele, le baprista, le Balevi le Banethinime.


Mesebetsi yohle ya kgauta le ya silefera ya etsa dikete tse hlano tse nang le makgolo a mane. Ntho tseo tsohle, Sheshebatsare a ya le tsona, mohla baholehuwa ba Babilona ba kgutlisetswang Jerusalema.


ba ileng le Sorobabele: Ke Joshua, Nehemia, Seraia, Reelaia, Mordekai, Bilshane, Mispare, Bigvai, Rehume, le Baana. Palo ke ena ya banna ba setjhaba sa Iseraele:


Jwale, ke ha baprista, le Balevi, le bao e leng batho feela, le dibini, le balebedi ba menyako, le Banethinime, ba aha metseng ya bona; le Baiseraele bohle ba aha metseng ya bona.


Morena a ke a tsebe hoba re ne re ile setrekeng sa Juda, tlung ya Modimo o moholo; e hahuwa ka majwe a maholohadi a betlilweng; difate di bewa hodima marako, mme mosebetsi o etswa ka phakiso, hape o atleha matsohong a bona.


Ha fumanwa Akmetha, motse wa moreneng, seterekeng sa Media, mmeno o nang le taba e ngodilweng ya kgopotso, e reng:


Yaba ba kgoleho ba neng ba kgutlile kgolehong, ba hlabela Modimo wa Iseraele mahlabelo a ditjheso; ha hlabelwa Baiseraele bohle dipoho tse leshome le metso e mmedi, le dipheleu tse mashome a robileng mono o le mong a metso e tsheletseng, le dikonyana tse mashome a supileng a metso e supileng, le diphooko tse leshome le metso e mmedi tsa sehlabelo sa sebe; tsohle tsa hlabelwa Jehova ka mokgwa wa ditjheso.


Baprista le Balevi ba kileng ba falla Babilona le Sorobabele, mora Salathiele, le Joshua, ke Seraia, Jeremia, Esdrase,


Mehleng ya Assueruse, — ke Assueruse eo ya neng a busa dinaha tse lekgolo le nang le mashome a mabedi a metso e supileng, ho tloha India ho ya fihla Ethiopia, —


hore a tlise pela morena mofumahadi Vashti a rwetse moqhaka wa bofumahadi hloohong ya hae, hore a tle a bontshe ditjhaba le mahosana botle ba hae; hobane e ne e le motho ya sefahleho se setle.


selemong sa boraro sa puso ya hae, a etsa seboka, a se etsetsa mahosana wohle a hae, le bafo ba hae, le makgotla a Persia le a Media, le marenana, le babusisi ba dinaha tsa hae, ba phuthehileng pela hae.


Taelo ya eba teng ya hore motho a se ke a qobellwa; hobane morena o ne a laetse matona wohle a ntlo ya hae jwalo, hore ho etsetswe e mong le e mong ka thato ya hae.


Yaba bangodi ba morena ba bitswa ka yona nako eo, le leng ka la mashome a mabedi a metso e meraro la kgwedi ya boraro, e leng kgwedi ya Sifane; ha ngolwa kahohle kamoo Mordekai a laelang kateng; ha ngollwa Bajuda le matona a marena, le babusisi le dihlooho tsa dinaha, ho tloha India ho isa Ethiopia, e leng dinaha tse lekgolo le nang le mashome a mabedi a metso e supileng, ha ngollwa naha e nngwe le e nngwe ka mongolo wa yona, le setjhaba se seng le se seng ka puo ya sona, le Bajuda ka mongolo le ka puo ya bona.


Tlohang Babilona, le balehe naheng ya Bakalde! Le bolele hoo ka lentswe la nyakallo, le ho tumise, le ho tsebise ho isa pheletsong ya lefatshe, le re: Jehova o lopolotse mohlanka wa hae Jakobo!


Ke tla busetsa Iseraele leahong la hae; o tla nne a alohele Karmele le Bashane, moya wa hae o kgore le thabeng ya Efraime le Gileade.


Juda o ile kgolehong ka ho hlomodiswa le ka botubo bo boholo; o hara ditjhaba, a sa bone moo a ka phomolang teng; bahlorisi ba hae kaofela ba mo fihletse a le moo ho patisaneng.


Bao e leng dira ho yena ke beng ba hae, ba mo hloyang ba iketlile, hobane Jehova o mo hlomodisitse ka baka la bongata ba makgopo a hae; bana ba hae ba banyenyane ba ile kgolehong, ba kgannwa ke dira.


Molato wa hao o phethilwe, moradi wa Sione; ha ho sa tla ba ya o isang kgolehong; ho tla batlisiswa bokgopo ba hao, moradi wa Edomo, ho kwahollwe dibe tsa hao.


E tla ba naha ya masala a ntlo ya Juda; teng, ba tla fudisa mehlape ya bona; mantsiboya, ba robale matlung a Ashkelone; hobane Jehova, Modimo wa bona, o tla ba etela, a kgutlise baholehuwa ba bona.


Eitse hobane mmusisi a le bale, a mmotsa hoba ke wa naha efe ya Roma; ha a utlwile hoba ke wa Silisia,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos