Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esdrase 10:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 le hore mang le mang ea sa tleng ka tshiu tse tharo, ka morero wa dihlooho le baholo ntho tsohle tsa hae di tle di jewe, yena a tle a kgaolwe phuthehong ya ba kgutlileng kgolehong.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Ho ya ka keletso ya mahosana le ya baholo, ha thwe mang kapa mang eo matsatsi a mararo a tla feta a eso tle, a jewe dintho tsa hae tsohle, le yena a be a lelekwe hara setjhaba sa ba neng ba thopilwe.

Ver Capítulo Copiar




Esdrase 10:8
14 Referencias Cruzadas  

Yaba ba hlabela bohle ba kgutlileng kgolehong mokgosi, Juda le Jerusalema, ha thwe, ba phuthehele Jerusalema;


Yaba batho bohle ba Juda le ba Benjamine ba phuthehela Jerusalema ka tshiu tse tharo, e le ka kgwedi ya boroba mono o le mong, ka letsatsi la mashome a mabedi la kgwedi; setjhaba sohle sa tla, sa dula lepatlelong le pela ntlo ya Modimo, se ntse se thothomela ka baka la taba e leng teng le ka baka la dipula.


Mang le mang ya sa etseng ka molao wa Modimo wa lona le ka molao wa morena, a ahlolwe kapele, kapa a bolawe, kapa a lelekwe, kapa ho jewe ntho tsa hae, kapa a hlahlelwe teronkong.


E mong wa bara ba Jojada, mora Eliashibe, moprista e moholo, e ne e le mokgwenyana wa Sanballate, Mohorone; yaba ke mo leleka pela ka.


Eitse hobane ba utlwe molao, ba kgetha baditjhaba kaofela Iseraeleng.


Eng le eng eo motho a e kgethetseng Jehova ka anathema ho tseo a di ruileng, motho, kapa kgomo, kapa tshimo ya lefa la hae, e ke ke ya rekwa, leha e le ho rekollwa; eng le eng e kgethetsweng Jehova ka anathema ke ntho e halalelang.


Ekare ha a sa ba utlwe, o bolelle kereke; ha a sa utlwe le kereke, ho wena a be jwaloka mohetene le molekgetho.


Ba tla le leleka masinagogeng; esita le nako e a tla, eo e mong le e mong ya le bolayang a tla hloma eka o sebeletsa Modimo.


Batswadi ba hae ba bua jwalo ke ho tshaba Bajuda; kahobane Bajuda ba ne ba se ba rerile hore, ekare ha motho ofe le ofe a ka bolela hore eo ke Kreste, o tla ntshwa sinagogeng.


Ba mo araba, ba re: O tswaletswe dibeng kahohle, mme o ka hla wa re ruta na! Yaba ba mo lelekela ntle.


Haele ba kantle, Modimo ke wona o tlang ho ba ahlola. Tlosang e mobe hara lona.


Haele silefera kaofela, le kgauta, le dipitsa tsa koporo, le tsa tshepe, di tla kgethelwa Jehova, di kenngwe polokelong ya Jehova.


Yaba bana ba Iseraele ba re: Ke bafe, melokong yohle ya Iseraele, ba sa kang ba nyolohela ho Jehova phuthehong? Ba rialo kahobane ba ne ba hlapantse ka hlapanyo e kgolo bakeng sa ba ka hanang ho nyolohela ho Jehova, Mitspe, ba re: Ruri ba tla bolawa.


a nka pholo tse pedi, a di pomahanya dikoto, a di romela naheng tsohle tsa Iseraele ka manqosa a reng: E mong le e mong ya sa tsweng hae ho latela Saule le Samuele, ho tla etswa jwalo ka kgomo tsa hae. Letsoso la Jehova la wela setjhaba, mme ba tswa jwaloka eka ke motho a le mong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos