Esdrase 10:8 - BIBELE8 Ho ya ka keletso ya mahosana le ya baholo, ha thwe mang kapa mang eo matsatsi a mararo a tla feta a eso tle, a jewe dintho tsa hae tsohle, le yena a be a lelekwe hara setjhaba sa ba neng ba thopilwe. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)8 le hore mang le mang ea sa tleng ka tshiu tse tharo, ka morero wa dihlooho le baholo ntho tsohle tsa hae di tle di jewe, yena a tle a kgaolwe phuthehong ya ba kgutlileng kgolehong. Ver Capítulo |
Yaba banna bohle ba Juda le ba Benjamine, ba phuthehela Jerusalema matsatsi a mararo a eso fete. Ka letsatsi la mashome a mabedi la kgwedi ya borobong, setjhaba sohle sa dula lebaleng le kapele ho Tempele ya Modimo, se ntse se thothomela ka baka la taba ena, se bile se qhaqhasela ka baka la pula ya ditlwebelele.