Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 40:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Jwale, a nka bopaki, a bo kenya arekeng; a kenya mejaro arekeng; a ntoo bea sekwahelo hodima areka.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

20 A nka matlapa a ngotsweng Molao, a a kenya ka arekeng, a kgwesa mefeng mahlakoreng a areka, mme a bea sekwahelo sa tefelo ya sebe hodima areka.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 40:20
19 Referencias Cruzadas  

Ho ne ho se letho arekeng, haese matlapa a mabedi, a neng a bewe teng ke Moshe, ha a le Horebe, mohla Jehova a tlabolang selekane le bana ba Iseraele, ha ba tswa tloha naheng ya Egepeta.


Davida a phuthela Baiseraele bohle Jerusalema ho ya lata areka ya Jehova, le ho e tlisa ditulong tseo a di lokiseditseng yona.


Ho ne ho se letho arekeng, haese matlapa a mabedi a neng a beilwe ho yona ke Moshe ha a le Horebe, mohla Jehova a tlabolang selekane le bana ba Iseraele, ha ba sa tswa tloha Egepeta.


Ho etsa ho ratwang ke wena, Modimo wa ka, ke sona seo ke se ratang, molao wa hao o ngodilwe pelong ya ka.


Kamoo Jehova a laetseng Moshe kateng, Aarone a fela a e bea pela bopaki, hore e bolokwe.


O tla bea sekwahelo hodima areka ya bopaki, sehalaledisisong.


Eitse hobane Modimo o qetelle ho bua le Moshe, thabeng ya Sinai, wa mo nea matlapa a mabedi a bopaki, matlapa a majwe a ngodilweng ka monwana wa Modimo.


Hape, a ala tente hodima tabernakele, mme hodima yona a bea sekgurumetso sa tente, jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.


O tle o kenye ho yona areka ya bopaki, o sireletse areka ka lesira.


Empa Jesu a mo araba, a re: Ntumelle jwale; hobane e ka kgona re phethe jwalo ho lokelang hohle. Yaba Johanne o a mo lesa.


hobane Kreste ke phetho ya molao, ho bea ya lokileng mang le mang ya dumelang.


eo Modimo o mmeileng esale pele hore e be pheko ho ba dumelang mading a hae, o tle o bonahatse ho loka ha wona, kamoo Modimo o neng o lesitse dibe tsa pele kateng, mehleng ya boiphapanyo ba wona.


Ka kgutla, ka theoha thabeng, ka bea matlapa arekeng eo ke e entseng, mme a dula teng jwalokaha Jehova a ne a ntaetse.


Ka baka leo, a re atameleng ka tshepo terone ya mohau, hore re tle re bone mohau, mme re fumane lereko, re tle re thuswe nakong e loketseng.


se neng se na le aletare ya dibano ya kgauta, le areka ya selekane e apesitsweng hohle ka kgauta, moo ho kenntsweng pitsa ya kgauta e tshetsweng manna, le thupa ya Aarone e thuntseng, le matlapa a selekane.


Ke yena e leng pheko ya dibe tsa rona; e seng ya tsa rona feela, empa e le le ya tsa lefatshe lohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos