Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Eksoda 40:20 - BIBELE

20 A nka matlapa a ngotsweng Molao, a a kenya ka arekeng, a kgwesa mefeng mahlakoreng a areka, mme a bea sekwahelo sa tefelo ya sebe hodima areka.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Jwale, a nka bopaki, a bo kenya arekeng; a kenya mejaro arekeng; a ntoo bea sekwahelo hodima areka.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 40:20
19 Referencias Cruzadas  

Ho ne ho se letho kahara areka, haese matlapa a mabedi, ao Moshe a neng a a kenye kateng ha ba le Horebe, mohla Morena a etsang selekane le bana ba Iseraele, ha ba ne ba etswa naheng ya Egepeta.


Davida a kgobokanyetsa Baiseraele bohle Jerusalema, hore ba ise areka ya Morena sebakeng seo a e lokiseditseng sona.


Ho ne ho se letho kahara areka, ha e se matlapa a mabedi, ao Moshe a neng a a kenye kateng ha ba le Horebe, mohla Morena a etsang selekane le bana ba Iseraele, ha ba ne ba etswa naheng ya Egepeta.


Ke moo ke ileng ka re: “Bona, ke a tla. Ho ngotswe ka nna Bukeng ya Molao:


Arone a etsa jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe, a bea nkgo pela matlapa a ngotsweng Molao, hore e bolokwe.


Ka Sehalalelong se halalelang ka ho fetisisa o tla bea sekwahelo sa tefelo ya sebe hodima areka ya selekane.


Modimo ha a qeta ho bua ho Moshe a le thabeng ya Sinai, a mo nea matlapa a mabedi a ngotsweng Molao, matlapa a ngotsweng ka monwana wa Modimo.


A kwahela Leaho ka masela, mme a bea marulelo hodima yona, jwalokaha Morena a ne a mo laetse.


Ka ho lona o tla kenya areka ea Selekane, mme o kwahele areka eo ka lesira.


Jesu a mo araba, a re: “Lesa, jwale, hobane ka tsela ena re lokela ho phethahatsa hohle ho lokileng.” Johanne a dumela.


hobane Kreste ke yena qetello ya Molao, ho lokafatsa mang le mang ya dumelang.


Ke yena eo Modimo a mo kgethileng hore ka madi a hae a tsholohileng, dibe tsa batho di lefellwe, ha ba ena le tumelo. Modimo o bontshitse ho loka ha hae ka ho iphapanyetsa dibe tsa mehla e fetileng,


Ka kgutla, ka theoha thabeng, ka kenya matlapa ka arekeng eo ke e entseng. Matlapa a dula kamoo, jwalokaha Morena a ntaetse.”


Ka baka leo, a re atameleng ka sebete teroneng ya mohau, re tle re amohele lereko, re fumane le mohau ho re thusa ha re hloka thuso.


Ka ho sona ho ne ho ena le aletare ya kgauta, moo ho neng ho tjhesetswa mokubetso teng, le areka ya selekane e apesitsweng ka kgauta, moo ho kentsweng pitsa ya kgauta e tshetseng manna, le lere la Arone le neng le ile la eba le dithunthung, le matlapa a mabedi ao ho ngotsweng mantswe a selekane ho wona.


Ke yena ya ikentseng nyehelo ka baka la dibe tsa rona; e seng tsa rona feela, empa le tsa lefatshe lohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos