Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 33:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Enere hobane Moshe a kene tenteng, topallo ya leru e ne e theoha, e eme monyako wa tente, mme Jehova o ne a bua le Moshe teng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Kamehla ha Moshe a kena ka Tenteng, leru le lopaletseng le ne le ye le theohe, le eme monyakong wa Tente eo; ebe Morena o bua le Moshe.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 33:9
17 Referencias Cruzadas  

Yaba o lesa ho bua le yena, mme Modimo wa myoloha, wa tloha ho Abrahama.


Yaba Jehova o a ikela; ha a se a qetile ho bua le Abrahama; mme Abrahama a kgutlela ha hae.


A nna a bua le bona a le topallong ya leru, mme ba boloka ditaelo tsa hae, le molao oo a neng a ba neile wona.


Ke hona moo ke tla teana le wena, ke bue le wena ke le hodima sekwahelo, pakeng tsa dikerubime tse hodima areka ya bopaki, hore ke tle ke o bolelle tsohle tseo ke tla o laela tsona bakeng sa bana ba Iseraele.


Eitse hobane Modimo o qetelle ho bua le Moshe, thabeng ya Sinai, wa mo nea matlapa a mabedi a bopaki, matlapa a majwe a ngodilweng ka monwana wa Modimo.


Topallo ya leru e ne e bonwa ke setjhaba kaofela ha e ema monyako wa tente, mme setjhaba kaofela se ne se ema, mme ba kgumama e mong le e mong monyako wa tente ya hae.


Jehova o ne a bua le Moshe ba tadimane difahleho, ka mokgwa oo motho a buang le motswalle wa hae ka wona, o ntoo kgutlela diahelong; haele mohlanka wa hae, Joshua, mora Nune, wa mohlankana, o ne a sa tlohe tenteng.


Enere ha Moshe a tswela tenteng, batho bohle ba ne ba raoha, ba eme e mong le e mong monyako wa tente ya hae; ba ise mahlo ho Moshe ho fihlela ha a kena tenteng.


Ho se ke ha nyoloha motho le wena; ho se ke ha bonwa motho thabeng yohle; esita le dinku le dikgomo, di se ke tsa tla fula pela thaba ena.


Yaba Jehova o theohela lerung, a ema teng le yena, a bolela lebitso la Jehova.


a re: Morena, ha ke fela ke bone mohau ho wena, Morena a ke a tsamaye hle le rona. Ho jwalo ruri, ke setjhaba se melala e sataletseng; o mpe o re tshwarele makgopo a rona le dibe tsa rona, mme o re nke, re be lefa la hao.


Ke sa le hona teng, letsoho la Jehova la dula ho nna, mme a re ho nna: Ema, o ye nahathothe; teng ke tla bua le wena.


Ke tla theoha, ke bue le wena teng; ke tla nka moyeng o hodima hao, mme ke tla o bea hodima bona; ba tla jara le wena phahlo ya setjhaba, mme ha o sa tla e jara o nnotshi.


Ha Moshe a ne e kena tenteng ya pokano ho bua le Jehova, o ne a utlwa lentswe le buang le yena, le tswang pakeng tsa dikerubime tse pedi, sekwahelong se hodima areka ya bopaki; mme o ne a bua le yena.


Jehova a re ho Moshe: Bona, letsatsi la ho falla ha hao le atametse; bitsa Joshua, mme le itlhahise tenteng ya pokano, ke tle ke mo laele. Moshe le Joshua ba ya, ba itlhahisa tenteng ya pokano.


Jehova a itlhahisa tenteng topallong ya leru, mme topallo ya leru ya ema e okametse monyako wa tente.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos