Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Eksoda 33:9 - BIBELE

9 Kamehla ha Moshe a kena ka Tenteng, leru le lopaletseng le ne le ye le theohe, le eme monyakong wa Tente eo; ebe Morena o bua le Moshe.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Enere hobane Moshe a kene tenteng, topallo ya leru e ne e theoha, e eme monyako wa tente, mme Jehova o ne a bua le Moshe teng.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 33:9
17 Referencias Cruzadas  

Hoba Modimo a qete ho bua le Aborahama, a nyoloha, a tloha ho yena.


Hoba Morena a qete ho bua le Aborahama, yaba o a itsamaela, mme Aborahama a kgutlela ha hae.


a bua le bona a le hara leru; ba boloka ditemoso tsa hae, le ditaelo tseo a ba fileng tsona.


Ke tla kopana le wena hona moo, ke bue le wena ke le hodima sekwahelo sa tefelo ya sebe, pakeng tsa dikerubime tse pedi, tse hodima areka ya selekane. Ke tla o nea melao yohle ya bana ba Iseraele.”


Modimo ha a qeta ho bua ho Moshe a le thabeng ya Sinai, a mo nea matlapa a mabedi a ngotsweng Molao, matlapa a ngotsweng ka monwana wa Modimo.


Batho bohle ba ne ba ye ba bone leru le lopaletseng le eme monyakong wa Tente, mme bohle ba ne ba ye ba raohe, ba kgumame, motho ka mong monyakong wa tente ya hae.


Morena o ne a ye a bue le Moshe, difahleho di tadimane, jwalokaha motho a bua le motswalle wa hae. Moshe o ne a ye a kgutlele diahelong, empa lehlahana la hae Joshua, mora wa Nune, wa mohlankana, yena o ne a sa ke be a tswe ka Tenteng.


Ha Moshe a eya Tenteng eo, setjhaba sohle se ne se ye se raohe, motho ka mong a eme monyakong wa tente ya hae, a tadime Moshe ho fihlela a kena ka Tenteng.


Ho se be motho ya tla nyoloha le wena; ho se be motho ya ka bonwang kae kapa kae thabeng eo. Mehlape ya dinku le ya dikgomo e se ke ya fula thabeng eo.”


Morena a theoha a le kahara leru, a ema le Moshe hona moo, mme Moshe a bitsa lebitso la Morena.


Yaba o re: “Haeba jwale o nkgauhetse, ke rapela hore Morena a ke a tsamaye le rona, le hoja re le setjhaba se manganga. Ako re tshwarele bokgopo ba rona le dibe tsa rona, mme o re etse ba hao.”


Yaba matla a tswang ho Morena a ntsukutla, Morena a re: “Ema, o tsamaye, o ye phuleng, moo ke tla bua le wena teng.”


Ke tla theohela teng, ke bue le wena. Ke tla nka karolo e nngwe ya moya o ho wena, ke ba abele yona. Ba tla jarisana mojaro wa setjhaba sena le wena, hore o se ke wa o jara o le mong.


Ha Moshe a kena ka Tenteng ya Morena ho ya bua le Modimo, a utlwa lentswe le buang ho yena, le etswa kahodima sekwahelo se hodima areka ya selekane, pakeng tsa dikerubime tse pedi, mme yaba le bua le yena.


Morena a re ho Moshe: “Bona, matsatsi a ho shwa ha hao a ntse a atamela. Bitsa Joshua, o tle le yena ka Tenteng ya Morena, mme ke tla mo nea taelo.” Bo-Moshe le Joshua ba ya, ba kena ka Tenteng ya Morena.


Morena a hlaha ka Tenteng, a le kahara leru le lopaletseng. Leru leo le lopaletseng la ema monyako wa Tente.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos