Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 32:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 A nka namane e entsweng ke bona, a e tjhesa mollong, a ba a e tula phofo e tshesane haholo, a e akgela metsing, a e nosa bana ba Iseraele.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

20 A nka namane eo ba neng ba e entse, a e tjhesa mollong, a e sila ho fihlela e eba phofo, a e tshela metsing, yaba o nwesa bana ba Iseraele metsi ao.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 32:20
10 Referencias Cruzadas  

Esita le mmae Maaka, a mo ntsha sefumahading, hobane a ne a entse setshwantsho sa Ashtarothe; Asa a heletsa setshwantsho seo sa hae, a se tjhesa molatswaneng wa Kedrone.


Le aletare e Bethele le nqalo e phahameng e neng e entswe ke Jeroboame, mora Nebathe, ya sebisitseng Iseraele, ke re, aletare eo le nqalo e phahameng ya teng, a di qhaqha, a tjhesa nqalo e phahameng, a e tula ya eba lerole; a ntoo tjhesa le ashera ya teng.


A ntsha setshwantsho sa Ashtarothe tlung ya Jehova, a se ntshetsa kantle ho Jerusalema, molatswaneng wa Kedrone, a se tjhesa molatswaneng wa Kedrone, a se tula ya eba lerole, mme a akgela lerole la sona mabitleng a bana ba setjhaba.


Ha qhaqhwa pela hae dialetare tsa boBaale; a heletsa ditshiya tsa letsatsi tse neng di beilwe hodima tsona; a robaka diashera, le ditshwantsho tse betlilweng, le ditshwantsho tse tsholotsweng; a di sila phofo, mme a e tshollela mabitleng a ba neng ba di hlabetse mahlabelo.


Yaba Moshe o re ho Aarone: Setjhaba sena se o entse jwang ha o tla se dihela sebeng se sekalo?


jwale, ba tla ja ditholwana tsa mekgwa ya bona, ba kgore merero ya bona.


Ya pelo e ikgakanyang o tla tenwa ke mekgwa ya hae; empa motho ya lokileng o tla thabiswa ke diketso tsa hae.


Le tla tjhesa ditshwantsho tse betlilweng tsa medimo ya bona; o se ke wa lakatsa, mme o se ke wa inkela silefera, leha e le kgauta tse ho tsona, esere hoo ya eba sefi ho wena; hobane ke manyala pela Jehova, Modimo wa hao.


Empa seo le tshwanetseng ho ba etsa sona, ke sena: Le qhaqhe dialetare tsa bona, le bolaye ditshiya tsa bona, le reme diashera tsa bona, le tjhese ditshwantsho tsa bona tse betlilweng.


Yaba ke nka sebe sa lona, namane eo le e entseng; ka e besa, ka e tula, ka e sila, ka e etsa phofo, mme ka akgela phofo ya yona molapong o theohang thabeng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos