Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 32:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Yaba Moshe o a kgutla, a theoha thabeng, a ena le matlapa a mabedi a bopaki matsohong a hae; matlapa ao a ne a ngodilwe ka nqa tse pedi, a ngodilwe ka kwano le ka kwana.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 Jwale Moshe a reteleha, a theoha thabeng, matsohong a nkile matlapa a mabedi a ngotsweng Molao. E ne e le matlapa a ngotsweng ka mahlakoreng a mabedi; a ngotswe ka nqena le ka nqane.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 32:15
14 Referencias Cruzadas  

Molao wa Jehova o lokile, o kgatholosa moya; bopaki ba Jehova bo a tshepeha, bo hlalefisa sethoto.


Kamoo Jehova a laetseng Moshe kateng, Aarone a fela a e bea pela bopaki, hore e bolokwe.


Jehova a re ho Moshe: Nyolohela ho nna thabeng, mme o hlole teng; ke tla o nea matlapa a nang le molao le taelo tseo ke di ngodileng hore ba rutwe tsona.


Moshe a kena lerung, a hlwella thabeng, mme Moshe a hlola thabeng matsatsi a mashome a mane le masiu a mashome a mane.


Eitse hobane Modimo o qetelle ho bua le Moshe, thabeng ya Sinai, wa mo nea matlapa a mabedi a bopaki, matlapa a majwe a ngodilweng ka monwana wa Modimo.


Matlapa ao e ne e le mosebetsi wa Modimo; lengolo e ne e le lengolo la Modimo, le ngodilweng matlapeng.


Eitse ha Moshe a theoha thabeng ya Sinai, a theoha thabeng a tshwere matlapa a mabedi a bopaki matsohong a hae, mme o ne a sa tsebe hobane letlalo la sefahleho sa hae le a kganya, kahobane a ne a buile le Jehova.


Jwale, a nka bopaki, a bo kenya arekeng; a kenya mejaro arekeng; a ntoo bea sekwahelo hodima areka.


Le a bonahala hoba le lengolo la Kreste, le lokisitsweng ke tshebetso ya rona, le ngodilweng, e seng ka enke, empa e le ka Moya wa Modimo o phelang; ha le a ngolwa matlapeng a lejwe, empa e le matlapeng a nama, a dipelo tsa lona.


Mme ekare ha tshebeletso ya lefu, e ngodilweng ka diletere tse betlilweng majweng, e ne e na le kganya e kgolo, bana ba Iseraele ba ba ba sitwa ho tadima Moshe mahlong, ka baka la kganya ya sefahleho sa hae, athe ke e neng e tla fela;


Dipolelo tseo Jehova o di boleletse phutheho ya lona yohle, a le thabeng hara mollo, le lerung, le lefifing, ka lentswe le leholo, mme ha a ka a eketsa letho. A di ngola matlapeng a mabedi, mme a nnea wona.


Yaba ke a tloha, ka theoha thabeng; thaba e ne e tuka mollo; ke ne ke tshwere matlapa a mabedi a selekane matsohong a ka.


se neng se na le aletare ya dibano ya kgauta, le areka ya selekane e apesitsweng hohle ka kgauta, moo ho kenntsweng pitsa ya kgauta e tshetsweng manna, le thupa ya Aarone e thuntseng, le matlapa a selekane.


Mme ka bona letsohong le letona la ya dutseng teroneng buka e ngodilweng kahare le kantle, e tiisitsweng ka ditiiso tse supileng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos