Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 30:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Ka tseo, o tla etsa ole ya setlolo e kgethehileng, tswako e monko o monate, e entsweng ka mokgwa wa motswaki wa tse nkgang hamonate. E tla ba ole ya setlolo e kgethehileng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

25 Ka tsena o etse ole e halalelang ya ho tlotsa, e tswakilweng ke setsebi. E tla ba yona ole e halalelang, e tlotsang.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 30:25
18 Referencias Cruzadas  

Moprista Tsadoke a nka lenaka la ole tenteng, mme a tlotsa Salomone; ha letswa diterompeta, mme batho bohle ba re: Ha ho phele morena Salomone!


Dibano tse tswakilweng di ne di etswa ke bara ba baprista.


Ho jwaloka ole e hlokwang, e tshelwang hloohong, e qhitsetsang ditedung, ditedung tsa Aarone, e qhitsetsang ho isa le mosehong wa seaparo sa hae.


ke bone Davida, mohlanka wa ka, ke mo tlotsitse ka ole ya ka ya kgalalelo.


o ntoo apesa Aarone, moholwane wa hao, hammoho le bara ba hae. O tla ba tlotsa, o ba hlwekise, o ba kgethe hore ba etse mosebetsi wa boprista pela ka.


O ntoo nka madi a aletareng, le ole ya setlolo; o fafatse Aarone le diaparo tsa hae, le bara ba hae le diaparo tsa bona, hammoho le yena; etlaba o kgethehile, yena le diaparo tsa hae, hammoho le bara ba hae le diaparo tsa bona.


O tla nka ole ya setlolo, o e tshollele hloohong ya hae, mme o mo tlotse jwalo.


le dishekele tse makgolo a mahlano tsa kasia, ha ho lekanngwa ka shekele ya sehalalelo, le tekanyo ya hine ya ole ya mohlwaare.


Ke yona ole ya setlolo e kgethehileng ho nna melokong ya lona; e se ke ya tshelwa nameng ya motho, mme le se ke la etsa e tshwanang le yona ho tswakweng ha yona. E kgethehile, le ho lona e kgethehile.


o di etse dibano tse monko o monate, ka mokgwa wa motswaki wa tse monko o monate, di be letswai, hape e be tse hlwekileng, tse kgethehileng.


le aletare ya dibano le mejaro ya yona, le ole ya setlolo le dibano tse nkgang hamonate, le lesela le homilweng la monyako le etsetswang monyako wa tabernakele;


Hape, ha etswa ole ya setlolo e kgethehileng, le dibano tse hlwekileng tse monko o monate, ka mokgwa wa motswaki wa tse nkgang hamonate.


O tla nka ole ya setlolo, mme ka yona o tlotse tabernakele le tsohle tse ho yona; ka ho etsa jwalo, o tla e kgetha le yona mesebetsi yohle ya yona, mme e tla kgetheha.


Dintsintsi tse shweleng di nkgisa le ho bodisa ole ya motlotsi; ho jwalo le bothoto bo bonyenyane, bo senya botumo ba ya tumileng ka bohlale le kganya.


Moshe a ntoo nka ole ya tlolo, mme a tlotsa tente ya pokano, le dintho kaofela tse neng di le kateng, mme a di kgetha jwalo;


Nka Aarone le bara ba hae, le diaparo, le ole ya tlolo, le pohwana ya sehlabelo sa sebe,


Phutheho e tla lokolla mmolai matsohong a mophetetsi wa madi, mme e tla mo kgutlisetsa motseng wa setshabelo oo a neng a balehetse ho wona. O tla aha teng, ho be ho shwe moprista e moholo ya bileng a tlotswa ka ole e kgethehileng.


o ratile ho loka, mme o hloile bokgopo; ka baka leo, Modimo, Modimo wa hao o o tlotsitse ka ole ya nyakallo kahodima bohle ba nang le kabelo le wena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos