Moya wa Morena Jehova o dutse ho nna, hobane Jehova o ntlotsitse hore ke tle ke bolelle ba madimabe taba tse molemo; o nthomile ho fodisa ba robehileng dipelo, ho bolella ba tlamilweng tokoloho, le ho tsebisa ba teronkong ho bulwa ha yona;
O ne o le kerubime e dipheo tse otlolohileng, ya mosireletsi; ke ne ke o beile joalo, o ne o le thabeng e halalelang ya Modimo, o ne o tsamaya majweng a benyang.
Bua le bana ba Iseraele, mme o nke ho bona dithupa tse leshome le metso e mmedi, e nngwe ka ntlo e nngwe le e nngwe ya bontata bona; ke ho re, o nke e nngwe ho morena e mong le e mong wa matlo a bontata bona.
Ka letsatsi leo Moshe a qetang ho emisa tabernakele, a e tlotsa, a e halaletsa le mesebetsi yohle ya yona, le aletare, le mesebetsi yohle ya yona; a di tlotsa, mme a di kgetha.
kamoo Modimo o tlotsitseng ka Moya o Halalelang kateng, le ka matla Jesu wa Nasaretha, ya neng a tsamaya hohle, a ntse a etsa hantle, a fodisa bohle ba hataketsweng ke Diabolose; hobane Modimo o ne o ena le yena.
Haele lona, tlholo eo le e nkileng ho yena e dutse ho lona, mme ha le a tshwanela ho rutwa ke e mong; empa jwalokaha tlholo ya hae e le ruta tsohle, mme e le ya nnete, e se ya leshano, dulang ho yona, jwalokaha a le rutile.