Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 30:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 O nke dibano tse kgethehileng, tsa mirra e metsi tse boima ba dishekele tse makgolo a mahlano le halofo ya boima bo kalo ya sinnamone e monko o monate, e leng dishekele tse makgolo a mabedi a mashome a mahlano, le lehlaka le monko o monate le boima ba dishekele tse makgolo a mabedi a mashome a mahlano,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

23 “Wena o inkele dinoko tse monate ka ho fetisisa: mira o metsi, oo boima ba wona e leng dikilo tse tsheletseng; le sinamone e nkgang hamonate, eo boima ba yona e leng halofo ya boima ba mmira oo, ke ho re dikilo tse tharo; le lehlaka le monko o monate, leo boima ba lona e leng dikilo tse tharo;

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 30:23
20 Referencias Cruzadas  

Moprista Tsadoke a nka lenaka la ole tenteng, mme a tlotsa Salomone; ha letswa diterompeta, mme batho bohle ba re: Ha ho phele morena Salomone!


Ba bang ba ne ba kgethetswe ho baballa mesebetsi le diphahlo tsohle tsa sehalalelo, le lefi la phofo, le veine, le ole, le dibano, le dinoko.


Dibano tse tswakilweng di ne di etswa ke bara ba baprista.


Mirra le aloe le kasia di arubetsa diaparo tsa hao; o thabiswa ke modumo wa diharepa matlung a borena a kgabisitsweng ka manaka a ditlou.


ole ya lebone, le diarubetso tsa ole ya tlolo le tsa dibano;


Hape, Jehova a bolella Moshe, a re:


le dishekele tse makgolo a mahlano tsa kasia, ha ho lekanngwa ka shekele ya sehalalelo, le tekanyo ya hine ya ole ya mohlwaare.


le ole ya setlolo, le dibano tse monko o monate tsa sehalalelo. Ba tla sebetsa tsohle tseo ke o laetseng tsona.


le dibano, le ole ya ho bonesa, le ole ya setlolo, le ya dibano tse monko o monate.


Hape, ha etswa ole ya setlolo e kgethehileng, le dibano tse hlwekileng tse monko o monate, ka mokgwa wa motswaki wa tse nkgang hamonate.


Ke noneditse diphate tsa ka ka mirra, le lekgala, le sinnamone.


Moratuwa wa me o ho nna jwaloka letlenyana la mirra le hoketsweng sefubeng sa me.


Menkwane ya hao e nkga hamonate; lebitso la hao eka setlolo se qhatseditsweng; barwetsana ba o rata ke hona.


Ke nareda le saforane, le kalamuse le sinnamone, le difate tsohle tse tswang menkwane, mirra le alwe, le tse fetisang tsohle hara dinonetso.


Ha o a ka wa nthekela lehlaka le monko o monate ka ditjhelete, ha o a ka wa nkgorisa ka mafura a mahlabelo a hao; empa o nkgathaditse ka dibe tsa hao, o ntshwentse ka makgopo a hao.


Dibano tse tswang Sheba e ka ba eng ho nna, le monko o monate la naha e hole nka le reng? Ditjheso tsa lona ha di nkgahlise, mahlabelo a lona ha a nnatefele.


Bafedane le Bajafane ba ne ba ananya tsa hao ka masela a lohilweng, tshepe e kgabisitsweng, kassia, le lehlaka le nkgang hamonate di le teng ho tseo o hwebang ka tsona.


Bahwebi ba Sheba le ba Raema le bona ba ne ba hweba le wena, ba ananya tsa hao ka dinoko tse kgethehileng, le mahakwe a mefutafuta, le kgauta.


Eleasare, mora Aarone, moprista, o tla hlahloba ole ya kandelare, le dibano tse nkgang hamonate, le sehlabelo sa kamehla, le ole ya setlolo, a hlahlobe tabernakele yohle, le tsohle tse ka ho yona, e leng tsa sehalalelo le mesebetsi ya sona.


Yaba Samuele o nka lenaka la ole, a le tshollela hloohong ya hae, a mo aka, a re: Ha ke re, Jehova o o tlotseditse hore o be modisa wa setjhaba sa lefa la hae na?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos