Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 29:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 O ntoo atametsa Aarone le bara ba hae pela monyako wa tente ya pokano, o ba hlatswe ka metsi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 “Jwale o atametse Arone le bara ba hae pela monyako wa Tente ya Morena; o ba hlatswe ka metsi.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 29:4
18 Referencias Cruzadas  

O tle o etsetse monyako wa tente lesela la la purepera le sekarelata le krimsone le lene e ntle e lohilweng, e be mosebetsi o homilweng.


o di kenye serotong, mme o di hlahise ka seroto, hammoho le pohwana le dipheleu tse pedi.


O ntoo atametsa Aarone le bara ba hae monyako wa tente ya pokano, o ba hlatswe ka metsi.


Lesela le homilweng lona a le fanyeha monyakong wa tabernakele.


enere ha ba kena tenteng ya pokano, leha ba atamela pela aletare, ba ne ba itlhatswa, jwalokaha Jehova a laetse Moshe.


Ke tla le tshela ka metsi a hlwekileng, hore le tle le ntlafale; ke tla le ntlafatsa, hore le hloke ditshila tsohle tsa lona le ditshwantsho tsohle tsa lona.


Etlare ha baprista ba kena, ba se ke ba tswa sehalalelong ho kena lebaleng le kantle, ba eso ho bee teng diaparo tseo ba etsang tshebeletso ka tsona, hobane ke tse halalelang; ba tla apara meaparo esele, ba ntoo atamela nqalo eo e leng ya setjhaba.


Ya itlhatswang a hlatswe diaparo tsa hae, a beole mohwete wa hae kaofela, a ntoo itlhatswa ka metsi, mme etlaba o hlwekile; ke hona a tla lokela ho boela a kgutlela diahelong; empa o tla tshwanela ho dula kantle ho tente ya hae ka matsatsi a supileng.


O tla atametsa Balevi pela tente ya pokano, mme o tla mema phutheho yohle ya bana ba Iseraele.


hore a tle a e halaletse, ha a se a e ntlafaditse ka hlatsuo ya metsi ka lentswe la hae,


Ha e se e batla e eba mantsiboya, a ke a itlhatswe ka metsi, mme a boele diahelong, ha letsatsi le diketse.


e seng ka mesebetsi e lokileng e entsweng ke rona, empa e bile ka lereko la wona, ka hlatsuo ya ho tswalwa la bobedi, le ka ntjhafatso ya Moya o Halalelang,


a re atameleng ho wona ka pelo ya nnete, ka tumelo e nang le tshepo ya sebele, matswalo a mabe a phekotswe dipelong tsa rona, mme mmele ya rona e hlatswitswe ka metsi a hlwekileng.


Se tshwantswang ke hoo ke kolobetso e re pholosang jwale — e seng e hlatswang ditshila tsa mmele, empa eo e leng ho itlama ha letswalo le letle pela Modimo — ka tsoho ya Jesu Kreste,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos