Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 29:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 o di kenye serotong, mme o di hlahise ka seroto, hammoho le pohwana le dipheleu tse pedi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 O tla di kenya ka serotong, o di tlise ka sona seroto seo, mmoho le pohwana le dipheleu tse pedi.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 29:3
6 Referencias Cruzadas  

O nke pohwana le dipheleu tse pedi tse hlokang sekodi, le bohobe bo sa lomoswang, le dinkgwana tse se nang ditomoso, tse dubilweng ka ole, le maqebekwane a se nang ditomoso, a tlotsitwseng ka ole; o tle o di etse ka phofo e sefilweng ya koro;


O ntoo atametsa Aarone le bara ba hae pela monyako wa tente ya pokano, o ba hlatswe ka metsi.


Nka Aarone le bara ba hae, le diaparo, le ole ya tlolo, le pohwana ya sehlabelo sa sebe,


Serotong sa mahobe a se nang ditomoso, se neng se le pela Jehova, a nka senkgwa se sa lomoswang, le polokwe e dubilweng ka ole le leqebekwane, mme tseo a di bea hodima mafura le hodima letsoho le letona.


Moshe a re ho Aarone le ho bara ba hae: Apehang dinama monyako wa tente ya pokano, le di je hona teng, le bona bohobe bo serotong sa peo, kamoo ke laetseng kateng, ka re: Aarone le bara ba hae ba tla di ja.


Ka pheleu o tla etsetsa Jehova sehlabelo sa teboho, hammoho le ka sona seroto sa mahobe a se nang ditomoso; o tla hlahisa nyehelo ya hae le dino tsa hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos