Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 27:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Haele dintho tsohle tsa tabernakele, le tsa tshebeletso yohle ya yona, le dithakgisa tsohle tsa yona, le dithakgisa tsohle tsa lebala, e be tsa koporo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 Thepa yohle ya leaho, e sebediswang ditshebeletsong tsohle tsa lona, le dimapo tsohle tsa lona, le dimapo tsohle tsa seotlwana, e be tsa lethose.”

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 27:19
14 Referencias Cruzadas  

Mme jwale, Jehova, Modimo wa rona, o re hauhetse ka motsotso o seng mokae, hore a tle a re siele masala a seng makae, le ho re etsetsa setshabelo nqalong ya hae e kgethehileng, hore Modimo wa rona o boele o edise mahlo a rona le ho tsosa bophelo ba rona hanyenyane, kgolehong ya rona.


Bolelele ba lebala e be tswe tse lekgolo, bophara ba lona e be tse mashome a mahlano kahohle, mme bophahamo ba lona e be tswe tse hlano. Masela a lona a tla etswa ka lene e ntle e lohilweng; didulwana tsona e be tsa koporo.


O tla laela bana ba Iseraele hore ba o tlisetse ole e hlwekileng ya ditholwana tsa mohlwaare tse tutsweng, e tle e be ya ho bonesa, hore lampi e tuke kamehla.


O tla etsa dipitsana tsa yona tsa molora, le dikgarafu, le mehope, le difereko, le dipitsa tsa mashala; mesebetsi yohle ya yona o e etse ka koporo.


le dithakgisa tsa tabernakele, le dithakgisa tsa lebala le mehala ya tsona;


Haele dithakgisa tsa tabernakele le tsa lebala lohle, tsa etswa ka koporo.


ha etswa le didulwana tsa lebala lohle, le didulwana tsa monyako wa lebala, le dithakgisa tsa tabernakele, le dithakgisa tsa lebala lohle.


le masela a lepeletseng a lebala, le ditshiya tsa lona, le didulwana tsa lona, le lesela le homilweng la monyako wa lebala, le mehala ya lona, le dithakgisa tsa lona, le mesebetsi yohle ya tshebetso ya tabernakele, le ya tente ya pokano.


Mantswe a ba bohlale a jwaloka ditsenene, maele a bokeletsweng a jwaloka dipekere tse kgokgothetsweng; ke a filweng ke modisa a le mong.


Tadima Sione, motse wa mekete ya rona! Mahlo a hao a tla bona Jerusalema, e leng moaho wa boiketlo, le tente e ke keng ya tloswa, eo dithakgisa tsa yona di ke keng tsa tsomolwa, eo ho seng mohalana o lokolohang.


Ho yena Juda ho tla tswa lejwe la ntlha, ho yena ho tswe kgokgwane, ho yena ho tswe seqha sa ntwa, ho tla tswa le ho yena babusi kaofela hammoho.


le ditshiya tsa lebala le teetseng tabernakele hare le didulwana tsa tsona, le dithakgisa tsa yona le dikgwele tsa yona.


le ditshiya tse teelang lebala hare, le didulwana tsa tsona, le dithakgisa tsa tsona, le dikgwele tsa tsona, le dintho tsa tsona, le tseo ho etswang mosebetsi wa ntho tseo ka tsona; le tla ba nea, ka ho di bala ka mabitso a tsona, ntho tsohle tseo ba tshwanetseng ho di baballa le ho di jara.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos