Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 22:31 - Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Ho nna le tla ba batho ba kgethehileng, mme le se ke la ja nama e harotsweng naheng; le tle le e akgele dintja.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

31 “Le tla ba batho ba halalelang ho nna. Le se ke la ja nama ya phoofolo eo le fumanang e harotswe naheng, le mpe le e akgelle dintja.”

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 22:31
14 Referencias Cruzadas  

Ke mona ba nyetse baradi ba bona, ba ba nyadisitse le bara ba bona, mme mofuta o halalelang o se o itswakantse le ditjhaba tsa naha tseo. Boikgantsho boo bo qadilwe ke dihlooho le bahlahlobi.


Ka mpa ka re: Oho Morena Jehova, bona, moya wa ka ha o eso ho silafale; ha ke eso ho je, ho qala botjheng ba ka le ho fihlela jwale, kapa ntho e shweleng, kapa phoofolo e rusolotsweng, mme ha ho eso ho be nama e putileng e keneng molomong wa ka.


Baprista ba se ke ba eja nama ya ntho tse shweleng, leha e le ya ntho tse harotsweng tsa dinonyana, kapa tsa diphoofolo.


Bolella phutheho yohle ya bana ba Iseraele, o re ho bona: Halalelang, hobane ke a halalela, nna Jehova, Modimo wa lona.


Kgethahanyang phoofolo e hlwekileng ho phoofolo e sa hlwekang, le nonyana e hlwekileng ho nonyana e sa hlwekang, hore le tle le se ke la iketsa batho ba manyala ka diphoofolo, le ka dinonyana, le ka tsohle tse hahabang lefatsheng, tseo ke le tsebisitseng tsona hore ke tse sa hlwekang.


A se ke a ja ntho e shweleng, kapa e harotsweng, a tle a se ke a ba sesila. Ke nna Jehova.


Mafura a phoofolo e itjhweletseng, kapa mafura a phoofolo e rusolotsweng, le ka itshebeletsa ho hong hofe le hofe ka wona, empa le wona, le ke ke la a ja.


Empa Petrose a re: Ho se be jwalo, Morena; hobane ha ke eso ho je ntho e ditshila, leha e le e sa hlwekang.


ba mpe ba ngollwe hore ba tele ditshila tsa medimo, le bofebe le tse fenethilweng, le madi.


Le se ke la ja nama ya tse itjhweletseng; o mpe o e nee moditjhaba ya menyakong ya hao, a e je; mohlomong o reke ho moditjhaba ka yona; hobane wena o setjhaba se kgethetsweng Jehova, Modimo wa hao. O se ke wa hladiya potsanyane lebeseng la mma yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos