Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 22:30 - Sesotho 1909/1961 (SO)

30 O etse jwalo le ka kgomo ya hao le ka nku ya hao; di tla dula le bomma tsona tshiu tse supileng; ka la boroba meno e le mmedi, o tla nnea tsona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

30 O tla etsa jwalo le ka dikgomo tsa hao, le ka dinku tsa hao; matsibolo a tla nyanya ka matsatsi a supileng, mme ka letsatsi la borobedi o tla nkgethela wona.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 22:30
14 Referencias Cruzadas  

Ngwana ya matsatsi a robileng meno e le mmedi hara lona a bolotswe, ba batona kaofela melokong ya lona, ya tswallwang tlung, leha e le ya rekilweng ka tjhelete ho moditjhaba ofe le ofe, eo e seng wa mofuta wa hao.


o tle o abele Jehova matsibolo wohle a batho, le matsibolo wohle a diphoofolo tse ho wena; tse tona ebe tsa Jehova.


Ka mpa ka re: Oho Morena Jehova, bona, moya wa ka ha o eso ho silafale; ha ke eso ho je, ho qala botjheng ba ka le ho fihlela jwale, kapa ntho e shweleng, kapa phoofolo e rusolotsweng, mme ha ho eso ho be nama e putileng e keneng molomong wa ka.


hobane ke nna Jehova, Modimo wa lona; le tshwanetse ho ikgetha, le be le halalele, hobane ke a halalela; ka baka lena, le tse ke la tshela mmele ya lona ditshila ka tse hahabang fatshe.


Hobane ke nna Jehova ya le nyolotseng naheng ya Egepeta, hore ke be Modimo wa lona. Halalelang ke hona, hobane ke a halalela.


Ka letsatsi la boroba meno e le mmedi, ngwana o tla bolotswa, ho pongwe nama ya ntlha ya pejana ya hae.


Mang le mang hara ba tswaletsweng ha habo lona, leha e le moditjhaba, ya tlang ho ja ntho e shweleng, leha e le e harotsweng, o tla hlatswa diaparo tsa hae, a itlhatswe metsing, a be sesila ho isa mantsiboya; e ntoo ba ya hlwekileng.


Kgomo, nku, leha e le podi e tlang ho tswalwa, e tla dula le mma yona ka matsatsi a supileng; ho tloha letsatsing la boroba meno e le mmedi, le kamora lona, e tla dumellwa hore e hlahisetswe Jehova, e be sehlabelo se tjheswang ka mollo.


A se ke a ja ntho e shweleng, kapa e harotsweng, a tle a se ke a ba sesila. Ke nna Jehova.


Bolella bana ba Iseraele, o re: Le se ke la ba la ja mafura a kgomo le a nku, le a podi.


Mafura a phoofolo e itjhweletseng, kapa mafura a phoofolo e rusolotsweng, le ka itshebeletsa ho hong hofe le hofe ka wona, empa le wona, le ke ke la a ja.


Le ke ke la ba la ja madi le hanyenyane, meahong ya lona kaofela; leha e le a dinonyana, leha e le a tse maoto a mane.


Le se ke la ja nama ya tse itjhweletseng; o mpe o e nee moditjhaba ya menyakong ya hao, a e je; mohlomong o reke ho moditjhaba ka yona; hobane wena o setjhaba se kgethetsweng Jehova, Modimo wa hao. O se ke wa hladiya potsanyane lebeseng la mma yona.


Matsibolo a matona wohle a tswallwang dikgomong le dinkung tsa hao, o a kgethele Jehova, Modimo wa hao; o se ke wa sebetsa ka matsibolo a dikgomo tsa hao, mme o se ke wa kuta matsibolo a dinku tsa hao.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos