Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 21:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Ekare ha monna a otla leihlo la lekgoba la hae la monna kapa la mosadi, a le senya, o tla le tlohela, le itsamaele ka baka la leihlo la lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

26 “Haeba motho a otla lekgoba la hae la monna kapa la mosadi, leihlong, mme a qhinyetsa leihlo leo, o tshwanetse ho lokolla lekgoba, e le tefo bakeng sa leihlo la lona.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 21:26
14 Referencias Cruzadas  

Athe mmele ya rona e ka mmele ya banababo rona, bana ba rona e ka bana ba bona; leha ho le jwalo, rona, e ka kgona re ise bara ba rona le baradi ba rona bokgobeng; esita le jwale, baradi ba bang ba rona e se e le makgoba; re hloka matla a ho ithusa bakeng seo, kahobane masimo a rona le merara ya rona e se e le ya ba bang.


Athe o a bona; hobane o tadima hlokofalo le matshwenyeho, mme o di ngola letsohong la hao. Ya madimabe o itshepetse wena; esale o le moemedi wa kgutsana.


Tiisa pelo tsa bona, o sekehele tsebe tsa hao, o lokisetse kgutsana le mofutsana, hore motho a se hlole a hlahisa letsoso lefatsheng.


hobane yena mophetetsi wa madi o a di hopola, hobane ha a lebale mohoweletso wa ba madimabe.


Ekare ha e mong a otla lekgoba la hae la monna kapa la mosadi ka thupa, la eshwa ka letsoho la hae, le tla lefetswa;


leihlo ka leihlo, leino ka leino, letsoho ka letsoho, leoto ka leoto,


tlabolo ka tlabolo, leqeba ka leqeba, letetetso ka letetetso.


Ekare ha a roba leino la lekgoba la hae la monna kapa la mosadi, o tla le tlohela, le itsamaele ka baka la leino la lona.


Le lona benghadi, le ba etse jwalo, mme le tlohele ho ba sokela, ka ho tseba hobane le wa lona Morena o teng mahodimong, le hobane ha a re letho ka tshobotsi ya motho.


O se ke wa fapoha ho loka, mme o se ke wa ya ka tshobotsi ya batho; o se ke wa amohela dimpho; hobane mpho e foufatsa mahlo a ba bohlale, mme e kgopamisa dipolelo tsa ba lokileng.


Benghadi, etsetsang bahlanka ba lona ka ho loka le ka tshwanelo, le ntse le tseba hobane le lona le na le morena mahodimong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos