Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Eksoda 21:26 - BIBELE

26 “Haeba motho a otla lekgoba la hae la monna kapa la mosadi, leihlong, mme a qhinyetsa leihlo leo, o tshwanetse ho lokolla lekgoba, e le tefo bakeng sa leihlo la lona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Ekare ha monna a otla leihlo la lekgoba la hae la monna kapa la mosadi, a le senya, o tla le tlohela, le itsamaele ka baka la leihlo la lona.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 21:26
14 Referencias Cruzadas  

Le hoja rona, le bana babo rona re le madi a le mang, le bana ba rona e le ba bohlokwa jwaloka bana ba bona, feela re tlameha ho fetola bara ba rona makgoba, le baradi ba rona makgabunyane. Ba bang ba baradi ba rona e se e le makgabunyane, empa re hloka matla a ho ba lopolla, hobane masimo a rona le dirapa tsa rona tsa morara, e se e le tsa ba bang.”


Athe wena o bona bomadimabe le mahlomola; o a di lemoha, mme o a di laola. Ya tsielehileng o tshepile wena, ke wena mothusi wa dikgutsana.


ho ahlolela kgutsana le ya hatellwang, hore motho wa lefatshe a se hlole a tshosa ba bang.


Rokang Morena ya busang Sione, phatlalatsang diketso tsa hae, le di phatlalatse hara ditjhaba,


“Haeba motho a otla lekgoba la monna, kapa la mosadi ka molamu, mme le shwela matsohong a hae, ruri lekgoba leo le tla phetetswa.


leihlo ka leihlo, leino ka leino, letsoho ka letsoho, leoto ka leoto;


ho tjheswa ka ho tjheswa, leqeba ka leqeba, moupa ka moupa.


Haeba motho a kgorola leino la lekgoba la hae la monna, kapa leino la lekgoba la hae la mosadi, o tla lokolla lekgoba leo, e le tefo bakeng sa leino la lona.”


Le lona beng ba makgoba, le a etse jwalo, le sa a sokele. Tsebang hore lona le wona le na le Morena a le mong mahodimong, ya sa yeng ka tshobotsi.


Le se ke le sotha kahlolo; le se ke la ba leeme; le se ke la amohela tjotjo, hobane tjotjo e foufatsa mahlo a ba bohlale, mme e sotha dipolelo tsa ba lokileng.


Lona beng ba makgoba, tshwarang makgoba a lona hantle, le ka toka. Tsebang hore le lona le na le Morena lehodimong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos