Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 21:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Ekare ha e mong a otla lekgoba la hae la monna kapa la mosadi ka thupa, la eshwa ka letsoho la hae, le tla lefetswa;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

20 “Haeba motho a otla lekgoba la monna, kapa la mosadi ka molamu, mme le shwela matsohong a hae, ruri lekgoba leo le tla phetetswa.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 21:20
12 Referencias Cruzadas  

Jehova a mo fetola, a re: Mang le mang ya ka bolayang Kaine, ho tla phetetswa ho yena hasupa. Jehova a beela Kaine pontsho ya hore, e mong le e mong ya mo fumanang a se ke a mmolaya.


Kaine ha a pheteletswa hasupa, Lemeke yena e tla ba ha mashome a supileng a balwang hasupa.


Ya tshollang madi a motho, le madi a hae a tla tshollwa ke motho; hobane Modimo o entse motho ka setshwantsho sa wona.


ha a ka tsoha, a ba a itsamaela kantle ka lere la hae, ya mo otlileng o tla hloka molato, feela o tla lefela ho dula ha hae, mme a mo oke, a be a fole ruri.


ha le ka phela tsatsi le le leng, kapa a mabedi, le ke ke la lefetswa, hobane ke tjhelete tsa hae.


Mofo ha a bakiswe ka dipolelo; hobane, leha a ka utlwisisa, a ke ke a hlokomela.


Mophetetsi wa madi o tla bolaya mmolai; mohla a teanang le yena, o tla mmolaya.


Hobane morena ke mohlanka wa Modimo ho o isa botleng. Empa ekare ha o etsa hampe, tshaba; hobane morena ha a tshwara sabole feela; hobane ke mohlanka wa Modimo, le mophetetsi ya beilweng ho otla ya etsang bobe.


Mahlo a hao a se ke a mo qenehela; bophelo bo lefuwe ka bophelo, leihlo ka leihlo, leino ka leino, letsoho ka letsoho, le leoto ka leoto.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos