Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Eksoda 21:20 - BIBELE

20 “Haeba motho a otla lekgoba la monna, kapa la mosadi ka molamu, mme le shwela matsohong a hae, ruri lekgoba leo le tla phetetswa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Ekare ha e mong a otla lekgoba la hae la monna kapa la mosadi ka thupa, la eshwa ka letsoho la hae, le tla lefetswa;

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 21:20
12 Referencias Cruzadas  

Morena a re ho yena: “Ka baka leo, mang le mang ya tla bolaya Kaine, polao eo e tla pheteletswa hasupa.” Yaba Morena o tshwaya Kaine, esere ya mmonang a mmolaya.


Haeba Kaine a pheteletswa hasupa, Lameke yena e tla ba hamashome a supileng hasupa.”


“Mang le mang ya tshollang madi a motho, le yena madi a hae a tla tshollwa ke motho, hobane Modimo o entse motho ka setshwano sa Modimo.


haeba a ka tsoha, mme a tsamaya kantle, a ikokotlela ka molamu wa hae, ya mo otlileng a ke ke a fumanwa a le molato, feela o tla lefella nako eo a e dutseng a sa etse letho, a be a mo oke ho fihlela a fola.


Empa ha le ka phela letsatsi kapa a mabedi, le ke ke la phetetswa, hobane lekgoba leo ke tjhelete ya hae.


Lekgoba le ke ke la kgalengwa ka ho buiswa feela, le hoja le utlwisisa, le ke ke la phetha taelo.


Mophetetsi wa madi a tsholotsweng o tla bolaya mmolai eo ka boyena. Ha a kopana le yena a mmolaye.


hobane ke mohlanka wa Modimo, ya o isang botleng. Empa ha o etsa tse mpe, o tshabe, hobane sabole ha a e tshwarele bosawana. Ke mohlanka wa Modimo, ya bonahatsang kgalefo ya Modimo ka ho otla ba etsang tse mpe.


O se ke wa ba mohau; bophelo bo lefuwe ka bophelo, leihlo ka leihlo, leino ka leino, letsoho ka letsoho, le leoto ka leoto.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios