Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 21:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ha e mong a tsohela e mong matla ka bolotsana hore a mmolaye ka mano, o tla mo tshwara, leha a se a balehetse aletareng ya ka, o mmolaye.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Empa ha e mong a tsohela motho e mong matla ka boomo, mme a mmolaya ka bolotsana, leha a ka balehela aletareng ya ka, o tla mo tlosa, a yo bolawa.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 21:14
18 Referencias Cruzadas  

Abnere, ha a boetse Hebrone, Joabe a mo nkela thoko, kgorong, jwaloka eka o ya bua le yena sephiring, a mpa a mo hlaba mpeng, mme a shwa, e le ka baka la madi a Asaele moenae.


Ebile moprista Jehojada o laela balaodi ba makgolo, e leng balaodi ba makgotla, a re ho bona: Mo ntsheng liemeng; ya mo latelang, le mmolaye ka lerumo. Hobane moprista o ne a itse: A se ke a bolaelwa tlung ya Jehova.


Hape, o boloke mohlanka wa hao ho baikakasi, ba se ke ba rena hodima ka; ke moo ke tla hloka ho nyatseha, mme etlaba ke sesefile ditlolo tse kgolo.


Ya ka otlang ntatae, kapa mmae, a bolawe.


Motho ya imetsweng ke madi a motho e mong o ya nne a balehe ho isa lebitleng; le se ke la mo tshwara.


Ha motho a otla ngwanabo ka ntho ya tshepe, mme a eshwa, ke mmolai; mmolai a otlwe ka ho bolawa.


Ka le bolella jwalo, la mpa la hana ho utlwa; la ikgantshetsa taelo ya Jehova; la etsa ka boikgohomoso, mme la nyolohela thabeng.


ke re: Etlare moporofeta eo, ha a bolela taba ka lebitso la Jehova, mme taba e boletsweng ke yena e sa hlahe, e sa etsahale etlaba ke taba eo Jehova a sa kang a e bolela; moporofeta eo o e boletse ka boikgohomoso; se mo tshabe.


Ho rohakwe ya otlang wa habo sephiring! Mme setjhaba sohle se tla re: Amen!


Hobane ekare ha re etsa sebe ka boomo, ha re se re filwe tsebo ya nnete, ha ho sa le sehlabelo se seng sa dibe;


haholo ba dumelang ho hulelwa ke nama ditakatsong tse ditshila, ba nyedisang borena. Baikgantshi, baikgohomosi bao, ha ba tshabe ho nyefola ba kganyang;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos