Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 21:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ha a na a sa mo lalle, Modimo o mpa o mo dihile ka letsoho la eo, ke tla o kgethela moo a ka balehelang teng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Ha a ne a sa mo lalla, a mpa a mmolaile e se ka morero, ke tla o kgethela moo a tla balehela teng.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 21:13
13 Referencias Cruzadas  

Morena a re: Ke na le taba efe le lona, bara ba Tseruja? A nne a rohakane bo! Ha Jehova a mmoleletse hore a rohake Davida, ke mang ya ka reng ho yena: O etsetsang jwalo?


Empa yena ha a lemohe hobane ho dutse jwalo, ha a lemohe pelong ya hae hobane ho jwalo, empa se ka pelong ya hae ke ho senya le ho fedisa ditjhaba tse ngata.


Motho ya bokgabane o timetse lefatsheng, ha ho sa le ya lokileng hara batho. Bohle ba lalla hore ba tsholle madi, e mong le e mong o tsoma ngwanabo ka leraba.


Metse eo le tlang ho e nea Balevi, e tla ba metse e tsheletseng ya setshabelo, moo mmolai a ka balehelang teng, le be le eketse ka metse e meng e mashome a mane a metso e mmedi.


O se ke wa suthisa mekolokotwane ya wa heno e beilweng ke baholo ba hao, lefeng leo o tla le rua naheng eo Jehova, Modimo wa hao, a o fang yona hore o e rue.


Ebile Jehova o bolella Joshua, a re:


Bona, kajeno lena mahlo a hao a bone kamoo Jehova a neng a o neetse matsohong a ka kateng, re le lehaheng; ba bang ba itse, ke o bolaye; ka mpa ka o qenehela, ka re: Nke ke ka isa letsoho la ka ho monga ka, hobane ke motlotsuwa wa Jehova.


O bonahiditse kajeno kamoo o nkgauhetseng kateng; kahobane Jehova o ba a nneetse matsohong a hao, mme ha o a ka wa mpolaya.


Ha ho le jwalo, banna ba Davida ba re ho yena: Bona, ke lona letsatsi leo Jehova a o boleletseng lona, a re: Bona, ke tla neela sera sa hao matsohong a hao. Tloo jwale, o etse ka Saule kamoo o ratang kateng. Ebile Davida o tsoha, a seha moleka wa kobo ya Saule ka senya.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos