Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 15:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Mahosana a Edomo a kile a tlakasela, dinatla tsa Moabe di bolailwe ke matswalo, baahi bohle ba Kanana ba qhibilihile.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 Marena a Edomo a ile a ferekana, mahosana a Moabe a otlanya mangwele, baahi bohle ba Kanana ba nyamela.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 15:15
24 Referencias Cruzadas  

Mahosana a bara ba Esau ke ana: Ho bara ba Elifase, mora Esau wa letsibolo, ke kgosana Themane, le kgosana Omare, le kgosana Tsefo, le kgosana Kenase,


le kgosana Kore, le kgosana ya Gaethame, le kgosana Amaleke. Ke wona mahosana a Elifase naheng ya Edomo. Bao ke bara ba Ada.


Mabitso a mahosana a tswileng ho Esau ka mefuta ya wona, ka metse ya wona, ka mabitso a wona, ke ana: Kgosana Thimna, kgosana Alva, kgosana Jethethe,


Ha ho le jwalo, esita le eo e leng senatla, eo pelo ya hae e kang pelo ya tau, o tla fokola haholo, etswe Baiseraele bohle ba tseba hobane ntatao ke mohale, le hobane banna bao a nang le bona ba matla ntweng.


A bona, mme a tsieleha hang; a tshoha, mme a baleha;


O ba fiele jwaloka mosi o fielwang ke moya; jwaloka sehlotla sa dinotshi se qhibidihang pela mollo, ba bolotsana ba timele jwalo pela Modimo.


Ka baka leo, matsoho kaofela a lepeletse, dipelo tsa batho bohle di tepeletse.


Boporofeta hodima Egepeta: Bonang! Jehova o kaletse leru le bobebe, o lebile Egepeta; medimo ya Egepeta e thothomela pela hae, mme dipelo tsa Baegepeta di tepella ka ho bona.


Bakeng sa Damaseka: Hamathe o hlabisitswe dihlong le Arpade; kahobane ba utlwile taba e mpe, ba fokola; tsietsi e teng lewatleng, mme le sitwa ho kgutsa.


Etlare ha ba re ho wena: O fehellwang? o tla re: Ke fehellwa ditaba tse tlang; hobane dipelo tsohle di tla qhibidiha, matsoho wohle a fokole; meya yohle e tla akgeha, mangwele wohle a fetohe metsi; bonang, taba di a tla, di se di tlile: ho bolela Morena Jehova.


Ho a hapjwa, ho a hlakolwa, ho a senngwa! Pelo e a qhibidiha, mangwele a tlakasela, matheka kaofela a tshwerwe ke bohloko, difahleho tsohle di saretswe!


O a ema, mme o thothometsa lefatshe; o a tadima, mme o tlakasedisa ditjhaba; dithaba tsa kgale di a qhalana, o pharama le maralla a boholoholo. Tsela tsa hae ke tsa boholoholo.


Ke bone ditente tsa Ethiopia di imelwa ke tlokotsi, ho thothomela le masela a ditente tsa lefatshe la Midiane.


O laele setjhaba, o re: Le a feta meeding ya banababo lona, bana ba Esau ba ahileng Seire, mme ba tla le tshaba. Iponeleng haholo ke hona;


Bahlahlobi ba tla eketsa ho bua le setjhaba, ba re: Motho ya lekwala, ya nang le pelo e boi, ke ofe na? A ke a tlohe, a kgutlele tlung ya hae, esere mohlomong pelo tsa banababo tsa qhibidiha jwaloka ya hae.


athe banabeso, bao re neng re ile le bona, ba nyahamisitse setjhaba pelo; empa nna ka latela Jehova, Modimo wa ka, kahohle.


Eitse hobane re utlwe, ra nyahama dipelo; meya ya rona kaofela ya kgathala pela lona, hobane Jehova, Modimo wa lona, ke Modimo hodi-mo lehodimong, le tlase lefatsheng.


ba re ho Joshua: Ruri, Jehova o neetse fatshe lohle matsohong a rona, le bohle ba ahileng lefatsheng leo ba nyahame dipelo ke ho re tshaba.


a re ho banna bao: Ke a tseba hobane Jehova o le neile lefatshe, mme letsoso la lona le re wetse hodimo, mme bohle ba ahileng lefatsheng lena, ba tepeletse pela lona.


Empa marena wohle a Baamore, a leng ka nqa bophirimela ho Jordane, le marena wohle a Bakanana, a pela lewatle, ha a utlwa kamoo Jehova a pshesitseng metsi a Jordane kateng, pela bana ba Iseraele, ba ba ba tshela, a nyahama dipelo, mme a fela matla ke ho tshaba bana ba Iseraele.


Balebedi ba Saule ba neng ba le Gibea wa Benjamine, ha ba tadima, ba bona bongata bo fela, bo ntse bo eya bo qhalana.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos