Eksoda 15:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)14 Ditjhaba ha di utlwa, di a thothomela, masisapelo a tshwere baahi ba Filisetia. Ver CapítuloBIBELE14 Ditjhaba tsa utlwa, mme tsa thothomela, baahi ba Filesitia ba tshwarwa ke tshabo. Ver Capítulo |
mme ba tla di bolella baahi ba lefatshe leo. Ba se ba utlwile hoba ke wena, Jehova, o leng hara setjhaba sena; le hoba, wena Jehova, o iponahatsa sona, mahlo a tadimane; le hoba leru la hao le ba okametse; le hoba ke wena ya ba etellang pele, motshehare topallong ya leru, le bosiu topallong ya mollo.
Ba fetola Joshua, ba re: Ka baka la hobane bahlanka ba hao ba ne ba boleletswe haholo kamoo Jehova, Modimo wa hao, a laetseng mohlanka wa hae Moshe kateng, hore le neelwe lefatshe lohle, mme le timetse pela lona bohle ba ahileng lefatsheng lena; ke kahoo re tshabaneng haholo le bophelo ba rona, ka ho le tshaba, mme ra etsa jwalo.