Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 12:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 le tla re ho bona: Ke sehlabelo sa Paseka ya Jehova, kamoo a kileng a feta pela matlo a bana ba Iseraele Egepeta kateng, mme a sireletsa matlo a rona. Yaba setjaba se a inama, sa rapela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

27 le tle le re: ‘Ke sehlabelo sa Paseka ya Morena, ya ileng a feta matlo a bana ba Iseraele, ha ba ne ba le Egepeta, mohla a neng a otla Egepeta, mme a sireletsa malapa a rona.’ ” Setjhaba sa itihela fatshe, sa rapela.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 12:27
18 Referencias Cruzadas  

Davida a boela a re ho phutheho kaofela: Jwale, bokang Jehova, Modimo wa lona! Ebile moo phutheho yohle e bokang Jehova, Modimo wa bontata bona; ba inama, ba kgumama pela Jehova le pela morena.


Yaba Josafate o inamisa sefahleho, a se kobotetsa fatshe, le Bajuda le baahi ba Jerusalema ba itihela pela Jehova, ba kgumamela Jehova.


Morena Esekiase le mahosana ba re, Balevi ba boke Jehova ka mantswe a Davida le a Asafe, seboni; mme ba mmoka ka thabo, ba inama le ho kgumama.


Esdrase a boka Jehova, Modimo o moholo; mme setjhaba kaofela sa araba, sa re: Amen! Amen! se emiseditse matsoho hodimo; ba boela ba inama; ba kgumama pela Jehova, ba kobotetse fatshe.


Modimo, re utlwile ka ditsebe tsa rona, bontata rona ba re boleletse diketso tse phahameng tseo o di entseng mehleng ya bona, mehleng ya boholoholo.


O beetse Jakobo bopaki, o beile molao Iseraeleng, oo a laetseng bontata rona hore ba o tsebise bana ba bona,


le hore o tle o phetele mora hao le setloholo sa hao taba tseo ke di entseng ho Baegepeta, le dipontsho tsa ka tseo ke di entseng hara bona, mme le tle le tsebe hobane ke nna Jehova.


Le tle le e je ka mokgwa ona: le itlamile matheka, le rwetse dieta tsa lona maotong a lona, le tshwere lere la lona matsohong a lona, le e je le potlaka: ke Paseka ya Jehova.


Hobane Jehova o tla haola ka Egepeta, a e otle, mme etlare ha a bona madi sefateng se hodimo le dikoseneng, Jehova o tla feta hodima monyako, a se ke a dumella mosenyi hore a kene ka matlung a lona ho le otla.


Yaba bana ba Iseraele ba ya, ba etsa kamoo Jehova a laetseng Moshe le Aarone kateng: ba fela ba etsa jwalo.


Etlare ha mora hao a o botsa mehleng e tlang, a re: Taba ee e reng? o re ho yena: Jehova o re ntshitse ka letsoho le matla Egepeta, tlung ya bohlanka.


O tla tsebisa mora hao ka tsatsi leo, o re: Hona ke kgopotso ya seo Jehova a nketseditseng sona, mohla ke tswang Egepeta.


O se ke wa hlahisa madi a sehlabelo sa ka a ena le bohobe bo lomositsweng, mme sehlabelo sa mokete wa Paseka se se ke sa hloha bosiu ho bolokelwa hosasane.


Moshe a phakisa a inamela fatshe, a kgumama,


Setjhaba sa dumela, sa utlwa hoba Jehova o etetse bana ba Iseraele, le hobane o tadimile ho hloreha ha bona; mme ba inama, ba rapela.


A le ke le tlose ho lona ditomoso tsa kgale, le tle le be hlama e ntjha, haele moo le le ba sa lomoswang; hobane Paseka ya rona, e leng Kreste, e hlabetswe rona.


O tla hlabela Jehova, Modimo wa hao, Paseka, o mo hlabele dikgomo le dinku tsa hao, nqalong eo Jehova a tla e kgetha ho bea lebitso la hae ho yona.


O se ke wa hlaba Paseka ho ofe kapa ofe wa metse ya hao, eo Jehova, Modimo wa hao, a o neang yona;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos