26 Etlare ha bana ba lona ba le botsa, ba re: Le lekanyang ka ketso ena na?
26 E tle ere ha bana ba lona ba le botsa, ba re: ‘Tshebeletso ee e bolelang?’
Leloko le leng a le ke le bolelle leloko le hlahlamang mesebetsi ya hao, le tumise diketso tsa hao tse phahameng!
Modimo, re utlwile ka ditsebe tsa rona, bontata rona ba re boleletse diketso tse phahameng tseo o di entseng mehleng ya bona, mehleng ya boholoholo.
le hore o tle o phetele mora hao le setloholo sa hao taba tseo ke di entseng ho Baegepeta, le dipontsho tsa ka tseo ke di entseng hara bona, mme le tle le tsebe hobane ke nna Jehova.
Etlare ha le fihlile lefatsheng leo Jehova a tlang ho le nea lona, kamoo a le baletseng kateng, le tle le boloke mokgwa ona.
Topallo ya leru e ne e sa suthe kapele ho setjhaba motshehare, leha e le topallo ya mollo bosiu.
Empa ba phelang, ba phelang, ke bona ba o bokang, jwalokaha ke etsa kajeno; ntata motho o tla phetela bana ba hae tsa botshepehi ba hao!
Mme lona bontata bana, le se ke la halefisa bana ba lona; le mpe le ba hodise ka ho ba laya le ka ho ba rutela Moreneng.
Le a rute bana ba lona, o bue ka wona ha o dutse tlung ya hao, leha o tsamaya tseleng, leha o robala, leha o tsoha borokong.
Elellwa mehla ya kgale, o lemohe dilemo tsa meloko e mengata; botsa ntatao, mme o tla o ruta; botsa maqheku a hao, mme a tla o bolella.
Etlere ha mora wa hao a o botsa kamoso, a re: Na ditemoso, le melao, le ditaelo tseo Jehova, Modimo wa rona, a re laetseng tsona, di reng?
O tle o di rute bana ba hao, mme o bue ka tsona, ha o dutse tlung ya hao, leha o le tseleng o tsamaya, leha o ya robala, leha o tsoha.