Le tla nne le kgethe mokete wa bohobe bo se nang ditomoso, hobane e tla be e le ka letsatsi leo ke ntshitseng makgotla a lona naheng ya Egepeta; le tla boloka letsatsi leo melokong ya lona, ke taelo e sa feleng.
Etlere ha Jehova a le fihlisitse lefatsheng la Bakanana, le la Bahethe, le la Baamore, le la Baheve, le la Bajebuse, leo a hlapanyeditseng bontata lona hore o tla le nea lona, lefatshe le kollang lebese le dinotshi, le tle le etse mokgwa ona ka kgwedi ena.