Letsatsi lena e tla ba la kgopotso ho lona, mme le tla le tlotlisa ka ho etsetsa Morena mokete. Meloko yohle ya lona e tla le boloka e le taelo ya mehla yohle.’ ”
“ ‘Le tla nne le etse mokete wa bohobe bo sa lomoswang, hobane ke ka letsatsi lena ke ntshitseng mabotho a lona naheng ya Egepeta; kahoo lona le meloko yohle ya lona le tla boloka letsatsi lena e le taelo ya mehla yohle.
Ha Morena a le fihlisa naheng ya Bakanana, le ya Bahete, le ya Baamore, le ya Bahife, le ya Bajebuse, eo a ileng a e hlapanyetsa bo-ntata lona, hore o tla le nea yona, e leng naha e phallang lebese le mahe a dinotshi, le tle le etse tshebeletso ena, ka kgwedi ena.