Tsamaya, o phuthe baholo ba Iseraele, o re ho bona: Jehova, Modimo wa bontata lona, Modimo wa Abrahama, wa Isaaka le wa Jakobo, o iponahaditse ho nna, wa re: Ho le lekola, ke le lekotse; ke bone seo le se etswang Egepeta;
Jehova a re: Ke bone, ke bontshisitse ho tshwenyeha ha tjhaba sa ka Egepeta; ke utlwile ho meketsa ha bona bakeng sa batubi ba bona, hobane ke tseba mahlomola a bona.
empa teng motho o ne a le teng, wa mofutsana, ya bohlale, ke yena ya pholositseng motse ka bohlale ba hae; leha ho le jwalo, motho eo wa mofutsana ha a ka a hopolwa ke motho.
Le wona moloko oo wa orohela ho bontata wona, ha ba ha hlaha moloko o mong o neng o sa tsebe Jehova, leha e le mesebetsi eo a neng a e etseditse Iseraele.