Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Diketso 26:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 haholo kahobane o tseba mekgwa yohle ya Bajuda, le ditaba tsohle tse tsekwang hara bona; ke a o rapela ke hona, ke re, o nkutlwe ka sebete.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 haholo ha o bile o le setsebi sa meetlo yohle le dikgang tsohle tsa Bajuda. Ke ka hona ke kopang hore o be pelonolo ho mmamela.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

3 Haholo hobane ke tseba o le setsebi sa meetlo yohle le diqabang tsohle tsa Bajuda;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Haholo hobane ke tseba o le setsebi sa meetlo yohle le diqabang tsohle tsa Bajuda;

Ver Capítulo Copiar




Diketso 26:3
13 Referencias Cruzadas  

Ka ba ka nka lengolo la theko le tiisitsweng ka mokgwa wa teng le ka molao, le lona lengolo le phetlilweng;


Ba boleletswe, ho thwe, o ruta Bajuda bohle ba ditjhabeng ho kgaohana le Moshe, o re, ba se ke ba bolotsa bana ba bona, mme ba se ke ba ya ka mekgwa ya bona.


Pauluse, eitse hobane mmusisi a mo hwehle hore a bue, a araba, a re: Erekaha ke tseba hobane ho se ho le dilemo tse ngata o busa setjhaba sena, ke moo ke ikarabelang ka tshepo e fetisang.


Empa, ka ho re, ke se ke ka o diehisa, ke a o rapela, ke re: o ke o mamele, ka mosa wa hao, tseo re o bolellang tsona ka mantswe a se makae.


Empa ke sa hlokile taba e tiileng, eo nka e ngollang morena; ke ka baka leo ke mo tlisitseng pela lona, haholoholo pela hao, morena Agripa, hore ha ho se ho botsisitswe taba ya hae, ke tsebe seo nka se ngolang bakeng sa hae.


Morena Agripa, ke re ke lehlohonolo ha ke tla ikarabela kajeno pela hao, hodima tsohle tseo Bajuda ba nqosang ka tsona;


Hobane le yena morena o a di tseba taba tseo, mme ke di bolela ho yena phatlalatsa, kahobane ke a kgolwa hore ha ho e nngwe ya tsona e mo siretseng; hobane ha ho letho tabeng tseo le entsweng sephiring.


eo meloko ya rona e leshome le metso e mmedi e lebeletseng ho etsahala ha yona, e ntse e sebeletsa Modimo, bosiu le motshehare; ke ka baka la tshepo eo, morena Agripa, ke qoswang ke Bajuda.


Kamora matsatsi a mararo, Pauluse a mema bao e leng ba baholo hara Bajuda ba teng. Eitse ha ba phuthehile, a re ho bona: Banna ba heso, leha ke sa ka ka etsa letho ho sitelwa setjhaba leha e le mekgwa ya bontata rona ka lona, ke ile ka tlangwa Jerusalema, ka ba ka neelwa matsohong a Baroma.


hobane re mo utlwile a bolela hore Jesu eo wa Nasaretha o tla fedisa nqalo ena, a fetole le mekgwa eo re e neilweng ke Moshe.


Mme leha nka ba le neo ya boporofeta, kapa leha nka tseba diphiri tsohle le bohlale bohle, leha nka ba le tumelo yohle, ka ba ka falatsa le dithaba, ha ke se na lerato, ha ke letho.


Etlare hobane a dule setulong sa borena ba hae, a ingolle buka ya molao oo, a nke ditaba bukeng e leng ho baprista ba Balevi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos