Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Diketso 26:3 - BIBELE

3 haholo ha o bile o le setsebi sa meetlo yohle le dikgang tsohle tsa Bajuda. Ke ka hona ke kopang hore o be pelonolo ho mmamela.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 haholo kahobane o tseba mekgwa yohle ya Bajuda, le ditaba tsohle tse tsekwang hara bona; ke a o rapela ke hona, ke re, o nkutlwe ka sebete.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

3 Haholo hobane ke tseba o le setsebi sa meetlo yohle le diqabang tsohle tsa Bajuda;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Haholo hobane ke tseba o le setsebi sa meetlo yohle le diqabang tsohle tsa Bajuda;

Ver Capítulo Copiar




Diketso 26:3
13 Referencias Cruzadas  

Yaba ke nka lengolo leo la theko, le neng le tiisitswe ho ya ka molao le ka moetlo, hammoho le lengolo le neng le sa kwalwa.


Ba boleletswe hore o ruta Bajuda bohle ba jakileng hara baditjhaba ho kwenehela Moshe. O re ba se ke ba bolotsa bana ba bona, leha e le ho tsamaya ka meetlo.


Hoba mmusisi a mo hwehle hore a bue, Paulosi a araba, a re: “Ka ho tseba hore o bile moahlodi wa setjhaba sena ka dilemo tse ngata, ke thabela haholo ho ikarabella hodima tseo ke qoswang ka tsona.


Empa, hore ke se o senyetse nako, ke rapela hore o ko be le mamello ho re utlwa ho se hokae.


Ha ho letho le tiileng leo nka le ngollang kgosi ya ka. Ka baka leo, ke mo tlisitse kapele ho lona, haholoholo kapele ho wena, kgosi Ageripa, e le hore, ha ho se ho entswe hlahlobo ke tle ke be le seo nka se ngolang.


“Kgosi Ageripa, ke iphumana ke le lehlohonolo ha e le mona kajeno ke tla ikarabella kapele ho wena, hodima tseo ke qoswang ka tsona ke Bajuda;


Kgosi e tseba tsena tsohle; ke ka baka leo ke buang ka sebete, hobane ke kgolwa hore ha ho letho le patilweng ho yona, hobane ha di a etsetswa sephiring.


Meloko ya rona e leshome le metso e mmedi, ha e ntse e pheella ho sebeletsa Modimo motsheare le bosiu, e tshepile hore tshepiso eo e tla phethahatswa, mme ke ka baka la yona tshepiso eo, kgosi, ke qoswang ke Bajuda.


Ha etsahala hore kamora matsatsi a mararo, Paulosi a meme baetapele ba Bajuda. Ha ba se ba kopane a re ho bona: “Banna ba heso, le hoja ke sa etsa se hananang le setjhaba kapa le meetlo ya boholoholo, ke motshwaruwa ya tswang Jerusalema, ya neetsweng matsohong a Baroma.


Re mo utlwile a re: ‘Jesu enwa wa Nasaretha o tla senya Nqalo ena, a fetole meetlo eo Moshe a re neileng yona!’ ”


Leha nka ba le neo ya boporofeta, mme ka tseba diphiri tsohle tsa Modimo, ka ba ka di utlwisisa, esita leha nka ba le tumelo yohle e hlokahalang ho suthisa dithaba, empa ke se na lerato, ha ke letho.


“Ha kgosi eo e se e dutse hodima terone ya mmuso wa yona, e tle e ingolle Molao ona o bukeng e bolokilweng ke baprista ba Balevi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos