Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Diketso 2:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 maleme a arohaneng, a kang malakabe a mollo, a ba hlahela, a dula hodima e mong le e mong wa bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Ba bona ho hlaha maleme a kang malakabe; a arohana, a dula ka bonngwe hodima e mong le e mong wa bona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

3 Yaba ho bonahala ho bona maleme a arohaneng, a kang a mollo, a dula hodima e mong le e mong wa bona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Yaba ho bonahala ho bona maleme a arohaneng, a kang a mollo, a dula hodima e mong le e mong wa bona.

Ver Capítulo Copiar




Diketso 2:3
18 Referencias Cruzadas  

Jehova a re: Bonang, ke setjhaba se le seng, puo ya bona kaofela e nngwe feela, mme haele mona ba qadile ho sebetsa, ha ba sa na ho thibelwa hore ba se ke ba phetha tsohle tseo ba di rerileng.


A ba ke ba fele, Morena; o sitise dipuo tsa bona; hobane ke bone sehloho le diphapang motseng.


Yaba ke re: Ho madimabe nna, ke timetse, hobane ke motho ya melomo e ditshila, ke ahile hara setjhaba se melomo e ditshila, mme ke bone Morena, Jehova wa makgotla, ka mahlo!


Na lentswe la ka ha le jwaloka mollo, ho bolela Jehova, le jwaloka noto e thuhang lejwe na?


Haele nna, ke le kolobelletsa pako ka metsi feela; empa ya tlang ka morao ho nna, o mpheta ka matla, mme ha ke a lokela ho mo nkela dieta; ke yena ya tla le kolobetsa ka Moya o Halalelang le ka mollo.


Empa Jesu a mo araba, a re: Ntumelle jwale; hobane e ka kgona re phethe jwalo ho lokelang hohle. Yaba Johanne o a mo lesa.


Ba ba ba bolellana, ba re: Ana dipelo tsa rona di ne di sa tjhese kahare ho rona, ha a ntse a bua le rona tseleng, a re hlalosetsa Mangolo na?


Mehleng eo, Petrose a ema hara barutuwa moo ba phuthehetseng teng, bongata ba bona, ha ba balwa, bo batlile ho ba lekgolo le mashome a mabedi, a re:


Bakreta, le Baarabia, kaofela ha rona re ba utlwa jwang ba bolela dimakatso tsa Modimo ka puo tsa rona?


Jwale hang, ha utluwa modumo o tswang lehodimong, o kang wa moya o fokang ka sefefo; ntlo yohle eo ba dutseng ho yona ya tlala wona;


Mme bohle ba tlala Moya o Halalelang, mme ba qala ho bua ka dipuo disele, kamoo Moya o ba buisang kateng.


E mong o newa tshebetso ya mehlolo, e mong boporofeta, e mong temoho ya meya, e mong dipuo tse mefuta, e mong phetolo ya dipuo.


Le lona leleme ke mollo, ke naha ya bokgopo; mokgwa wa leleme hara ditho tsa rona, ke ho silafatsa mmele kaofela, ke ho kenya kganare tseleng yohle ya kgolo ya motho, etswe le hoteditswe ke mollo wa dihele.


Mme ke tla nea dipaki tsa ka tse pedi taelo, mme di tla porofeta ka matsatsi a sekete se nang le makgolo a mabedi a mashome a tsheletseng, di ntse di apere lesela le mahwashe.


Hape, ka bona lengeloi le leng le fofang mahareng a lehodimo, le tshwere Evangeli ya kamehla le mehla ho e bolella ba ahileng lefatsheng, le ditjhaba tsohle, le mefuta yohle, le dipuo tsohle, le merabe yohle;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos