Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Diketso 2:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Jwale hang, ha utluwa modumo o tswang lehodimong, o kang wa moya o fokang ka sefefo; ntlo yohle eo ba dutseng ho yona ya tlala wona;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Hanghang ha eba le modumo o tswang lehodimong, o kang wa moya o matla, mme wa tlala ntlo yohle eo ba neng ba dutse ka ho yona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

2 Mme hang ha utlwahala modumo o tswang lehodimong, o kang wa moya o fokang ka sefefo, wa tlala ntlo yohle eo ba dutseng ho yona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Mme hang ha utlwahala modumo o tswang lehodimong, o kang wa moya o fokang ka sefefo, wa tlala ntlo yohle eo ba dutseng ho yona.

Ver Capítulo Copiar




Diketso 2:2
14 Referencias Cruzadas  

Lentswe la re: Tloha, o ye ho ema thabeng pela Jehova. Yaba Jehova o a feta. Moya o moholo, o matla, wa petsola dithaba, wa qhetsola mafika pela Jehova; empa Jehova o ne a le siyo moyeng. Kamora moya, ya eba tshisinyeho ya lefatshe; empa Jehova o ne a le siyo tshisinyehong.


A kalla kerubime, a fofa, a haola ka mapheo a moya;


Moya wa leboya, tsoha; tloo le wena, moya wa borwa, o fokele serapeng sa me; dinonetso tsa sona di ntshe monko wa tsona! Moratuwa wa me a ke a kene serapeng sa hae, a latswe ditholwana tse monate tsa sona.


Etlare ba eso ho howe, ke tla be ke se ke ba arabile; etlare ba sa bolela, ke tla be ke se ke ba utlwile.


Bonang, ke a roma lenqosa la ka, le tle le hleke tsela pela ka; mme hang, Morena eo le mmatlang o tla kena tempeleng ya hae, e leng lengeloi la selekane leo le le lakatsang. Bonang, o a tla, ho bolela Jehova wa makgotla.


Yaba bongata ba makgotla a lehodimo bo phakisa bo eba le lengeloi leo, ba boka Modimo, ba re:


Moya o fokela moo o ratang teng, mme o utlwa modumo wa wona, empa ha o tsebe moo o tswang teng, le moo o yang teng. Ho jwalo le ho bohle ba tswetsweng ke Moya.


maleme a arohaneng, a kang malakabe a mollo, a ba hlahela, a dula hodima e mong le e mong wa bona.


Yare hobane modumo oo o utluwe, ha bokana batho ba bangata hammoho, mme ba tshoha, kahobane e mong le e mong a ne a ba utlwa ba bua puo e leng ya habo.


Eitse hobane ba rapele, nqalo eo ba phuthehetseng ho yona ya sisinyeha, mme bohle ba tlala Moya o Halalelang, mme ba bolela lentswe la Modimo ka matla.


Mme ba senoletswe hoba e ne e se ka baka la bona, empa e le ka baka la lona, ba neng ba beilwe basebetsi ba tseo le di behetsweng jwaloka ba le boleletseng Evangeli, ka Moya o Halalelang, o romilweng o etswa lehodimong, e leng tseo mangeloi a lakatsang haholo ho nyarela hara tsona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos