Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Diketso 13:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Yare hobane ba itime dijo, ba rapele, ba ba bea matsoho, mme ba ba roma.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Yare hoba ba itime dijo, mme ba rapele, ba ba bea matsoho, ba re ba tsamaye.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

3 Eitse hobane ba itime dijo, ba rapele, ba bea matsoho hodima bona, ba ntoo ba kgutlisa.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Eitse hobane ba itime dijo, ba rapele, ba bea matsoho hodima bona, ba ntoo ba kgutlisa.

Ver Capítulo Copiar




Diketso 13:3
18 Referencias Cruzadas  

a bea matsoho a hae hodima hae, mme a mo nea ditaelo, kamoo Jehova a neng a boleletse Moshe kateng.


mme jwale, e ne e se e le mohlolohadi wa dilemo tse batlileng ho ba mashome a robileng meno e le mmedi a metso e mene; o ne a sa tlohe tempeleng, empa o ne a sebeletsa Modimo ka ho itima dijo le ka ho rapela bosiu le motshehare.


Ba rapela, ba re: Oho, Morena, wena ya tsebang dipelo tsa bohle, e be wena o supang eo o mo kgethileng ho ba babedi bana;


Ha ba ntse ba sebeletsa Morena, ba itima dijo, Moya o Halalelang wa re: Nkgetheleng Barnabase le Saule, ba ye mosebetsing oo ke ba bileditseng wona.


Yare hobane Moya o Halalelang o ba rome, ba theohela Selosia; teng ba kena sekepeng, ba tshelela Sipera.


Ba bea baholo kerekeng e nngwe le e nngwe, ka ho rapela le ka ho itima dijo, ba ntoo ba bea mohaung wa Morena, eo ba dumetseng ho yena.


Ha ba tloha teng, ba kgutlela Antioke ka sekepe, e leng moo ba neng ba laeleditswe mohaung wa Modimo, ho ya mosebetsing oo ba sa tswa o phetha.


Haele Pauluse, yena a ikgethela Silase, mme a tloha, hobane a laeletswe mohaung wa Morena ke baena.


Ba ba emisa pela baapostola; mme bao, hobane ba rapele, ba ba bea matsoho.


Yaba Ananiase o ya, a kena ka tlung, a mmea matsoho, a re: Saule, ngwaneso, Morena o nthomile, yena Jesu ya ipontshitseng ho wena tseleng eo o tlileng ka yona, hore o boele o bone, le hore o tlale Moya o Halalelang.


Mme ba tla bolela jwang, ha ba sa rongwe? Jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Maoto a ba bolelang Evangeli ya kgotso a matle hakakang, maoto a ba bolelang Evangeli ya taba tse molemo!


Hape, o se ke wa lebala mpho e ho wena, eo o e filweng ka boporofeta hammoho le peo ya matsoho a baholo.


O se ke wa phaka wa bea motho matsoho; hape, o se ke wa kena dibeng tsa ba bang. O ipoloke, o be mohlweki.


Ka baka leo, le jwale, ke sa o hopotsa ho tsosa mpho ya Modimo e leng ho wena ka peo ya matsoho a ka.


Mme ditaba tseo o di utwileng ho nna pela dipaki tse ngata, o di bee ho batho ba tshepehang, ba lokelang ho ruta ba bang le bona.


Ke bona ba pakileng lerato la hao pela kereke; mme o tla etsa hantle ha o ba baballa leetong la bona ka mokgwa o ka bokwang ke Modimo.


Efela re tshwanetse ho amohela ba jwalo, hore re sebedisane le nnete.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos