Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Diketso 13:3 - BIBELE

3 Yare hoba ba itime dijo, mme ba rapele, ba ba bea matsoho, ba re ba tsamaye.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Yare hobane ba itime dijo, ba rapele, ba ba bea matsoho, mme ba ba roma.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

3 Eitse hobane ba itime dijo, ba rapele, ba bea matsoho hodima bona, ba ntoo ba kgutlisa.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Eitse hobane ba itime dijo, ba rapele, ba bea matsoho hodima bona, ba ntoo ba kgutlisa.

Ver Capítulo Copiar




Diketso 13:3
18 Referencias Cruzadas  

a mmea matsoho, a mo laya, jwalokaha Morena a boleletse Moshe.


Ya eba mohlolohadi ho fihlela a eba le dilemo tse mashome a robedi a metso e mene. O na sa tlohe Tempeleng, a sebeletsa Modimo bosiu le motsheare ka ho itima dijo le ka ho rapela.


Ba rapela, ba re: “Wena Morena, o tsebang dipelo tsa bohle, ako supe hore na ho ba babedi bana o kgethile ofe,


Ha ba ntse ba phetha tshebeletso ya Morena Jesu, mme ba itima dijo, Moya o Halalelang wa re: “Nkgetheleng Baranabase le Saule bakeng sa mosebetsi oo ke ba bitseditseng wona.”


Kaha ba ne ba romilwe ke Moya o Halalelang, ba theohela Selekose; ho tloha moo ba tshelela Sipera ka sekepe.


Ha ba se ba ba kgethetse baholo kerekeng e nngwe le e nngwe, ba rapela, ba itima dijo, mme ba ba bea matsohong a Morena eo ba dumetseng ho yena.


Ba tloha teng ka sekepe, ba tshelela Antiokia, e leng moo ba neng ba ile ba bewa kalosong ya mohau wa Modimo ka baka la mosebetsi oo jwale ba o phethileng.


Yare hoba Paulosi a kgethe Silase, a tloha a beilwe kalosong ya mohau wa Morena ke badumedi.


Ba ba hlahisa kapele ho baapostola, mme ha ba se ba rapetse, ba ba bea matsoho.


Ananiase a ya, a kena ka tlung eo, a mmea matsoho, a re: “Saule ngwaneso, Morena, e leng Jesu ya ileng a iponahatsa ho wena tseleng eo o neng o etla ka yona, o nthomile hore o tle o boele o bone, o be o tlale Moya o Halalelang.”


Ba ka di bolela jwang ha ba sa rongwa? Ho jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: “A matle hakaakang maoto a ba phatlalatsang molaetsa o molemo!”


O se ke wa lebala ho sebedisa neo ya moya, eo o e filweng ka boporofeta, mohla lekgotlana la baholo le neng le o bea matsoho.


O se ke wa potlakela ho bea mang kapa mang matsoho; o se ke wa ba le kabelo dibeng tsa ba bang, mme o ipoloke o hlwekile.


Ka hona ke o hopotsa hore o tsosolose neo ya Modimo, eo o e amohetseng ka hore ke o bee matsoho.


Tseo o di utlwileng ho nna pela dipaki tse ngata, o di bee matsohong a batho ba tshepahalang, ba ka tsebang ho di ruta ba bang.


Ba pakile lerato la hao pontsheng ya phutheho e mona, mme e tla ba o entse hantle ha o ka ba thusa leetong la bona, ka mokgwa o tla kgahlisa Modimo.


Rona re tshwanetse ho thusa batho ba jwalo, e le hore re tle re sebeletse nnete mmoho le bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios