Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 8:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Mme pono ya mantsiboya le ya hosasa e boletsweng, ke nnete; leha ho le jwalo, wena, o kwahele pono eo, hobane e lebisa mehleng e sa leng hole haholo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

26 “Pono ya mahlabelo a mantsiboya le a hoseng, pono eo e senotsweng ho wena ke ya nnete; feela wena o e etse bofihla ba hao, hobane tsa yona ke tsa mehla e tlang.”

Ver Capítulo Copiar




Daniele 8:26
11 Referencias Cruzadas  

Ba tla hlahlelwa jwaloka ba hapilweng, ha ba hlahlelwa teronkong, ba kwallwe mameneng; mme hobane ho fete matsatsi a mangata, ba tla otlwa.


Mora motho, bona, ba ntlo ya Iseraele ba re: Pono eo a e bonang ke e tla hlaha kamora matsatsi a mangata; o porofeta tsa mehla e hole.


Ka selemo sa boraro sa Siruse, morena wa Persia, lentswe la senolelwa Daniele, ya reilweng lebitso la Beltsatsare; lentswe leo ke nnete, le bolela tsietsi e kgolo; a ela tshenolo eo hloko, a utlwisisa pono.


Ke tlile jwale ho o tsebisa se tla hlahela setjhaba sa heno mehleng ya qetello; hobane pono e lebisa ho tse tlang ho tla.


Jwale, ke ya o senolela nnete. Bona, marena a mararo a sa tla ba teng ho Bapersia, mme wa bone o tla rua leruo le fetisang la a mang kaofela; etlare hobane a iphe matla ka maruo a hae, o tla ipiletsa bongata bohle ho futuhela mmuso wa Bagerike.


Wena Daniele, o kwahele taba tseo, o manehe buka ena ka tiiso ho isa nakong ya bofelo; ba bangata ba tla e bala, mme tsebo e tla eketseha.


A re ho nna: Eya, Daniele, hobane ditaba tseo di tla sala di kwahetswe, di tiisitswe ho isa nakong ya bofelo.


Yare hobane diaduma tse supileng di utlwahatse mantswe a tsona, ka re, ke a ngola; yaba ke utlwa lentswe le tswang lehodimong, le re ho nna: Kwahela tse boletsweng ke diaduma tse supileng, mme o se ke wa di ngola.


La eketsa la re ho nna: O se ke wa kwahela ditaba tsa boporofeta ba buka ena; hobane nako ya tsona e se e le haufi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos